YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 16

16
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Efraime
1Lotho la abela bana ba Josefa naha e tlohang Jorodane, pela Jeriko, ka botjhabela ho didiba tsa Jeriko, ho ya fihla lehwatateng; le ho tloha Jeriko, ho nyolosa hara naha e maralla, ho ya fihla Bethele. 2Moedi wa tloha Bethele ho ya fihla Lose, wa fetela pele ho ya fihla moeding wa Baareki le ho ya fihla Atarote. 3Moedi wa theohela bophirimela, ho ya fihla naheng ya Bajafelete, le moeding wa Bete-Horone e tlase, le ho ya fihla Gesere, wa ya fella lewatleng.
4Bana ba Josefa, le ba Manase, le ba Efraime, ba ile ba fumana lefa la bona hona moo.
5Moedi wa naha ya bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona, ya eba ona: Ka botjhabela moedi wa naha ya bona o ne o tloha Atarote-Adare, o ya fihla Bete-Horone e hodimo. 6Moedi o lebe bophirimela, Mikemetate e be ka leboya ho wona; o thinyetse ka botjhabela ho ya fihla Taanate-Shilo, o fihle o fete pela yona ka botjhabela ho Janoha. 7Ho tloha Janoha o theosetse Atarote le Naarate, o yo fihla Jeriko, o felle Jorodane. 8Ho tloha Tapua moedi o ne o leba bophirimela, ho ya fihla molatswaneng wa Kana, o yo fella lewatleng. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona; 9hammoho le metse, le metsana yohle, e neng e abetswe bana ba Efraime, e fumanwa hara naha eo e neng e le lefa la bana ba Manase.
10Leha ha le jwalo ha ba a ka ba ba ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere. Bakanana ba nnile ba aha hara bana ba Efraime ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, mme ba fetoha makgoba a sebetsang ka thata.

Currently Selected:

JOSHUA 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy