YouVersion Logo
Search Icon

JOSHUA 15

15
Naha e ileng ya abelwa morabe wa Juda
1Naha eo bana ba morabe wa Juda, ho ya ka malapa abo bona, ba ileng ba e abelwa ka lotho, e ne e fihla moeding wa Edomo, le ho ya fihla ka borwa ho lehwatata la Sine, qetheng ya karolo e ka borwa.
2Ka borwa moedi wa bona o ne o tloha qetheng ya karolo ya Lewatle la Letswai, koung e shebileng borwa. 3Ho tloha moo o lebe ka borwa ho moepa wa Akarabime, o fetele Sine, o yo nyoloha ka borwa ho Kadeshe-Barenea, o fete pela Heserone, o nyolohele Adare, o nto thinyetsa Karaka. 4Jwale moedi ona o fete pela Asamone, o nyolose ka molatswana wa Egepeta, ebe o ilo fella lewatleng. Ona e tla ba wona moedi wa bona ka borwa.
5Ka botjhabela moedi o ne o tloha Lewatleng la Letswai, o be o yo fihla molomong wa Jorodane.
Ka leboya moedi o ne o tloha koung ya lewatle, moo Jorodane e kenang lewatleng teng.
6Moedi o ne o nyolosetsa Bete-Hogela, o yo pota ka leboya ho Bete-Araba, o nyolose hape ho ya fihla Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene. 7Moedi o nyolohe Debiri, ho tloha kgohlong ya Akore, ho ya leboya, o nto thinyetsa Gilegale e lebaneng le moepa wa Adumime e ka lehlakoreng le ka borwa la molatswana. Jwale o fetele metsing a Ene-Shemeshe, o yo fella Sedibeng sa Rogele. 8Moedi o nyolose ka kgohlo ya mora wa Hinome, ka lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse — ke yona Jerusalema — o nyolohele tlhorong ya thaba e kapele ho kgohlo ya Hinome, ka bophirimela, e leng ka leboya qetheng ya kgohlwana ya Refaime. 9Jwale moedi wa sehwa ho tloha tlhorong ya thaba, ho ya fihla sedibeng sa metsi a Nefetwa; wa fetela metseng ya thaba ya Eferone. Wa boela wa sehwa ho ya Baala — ke yona Kiriate-Jearime. 10Jwale moedi o thinyetse ka bophirimela ho Baala, ho ya fihla thabeng ya Seire, ebe o fetela leropong le ka leboya la thaba ya Jearime — ke yona Kesalone — wa theosa ho ya fihla Bete-Shemeshe, wa ya feta Timina. 11Moedi ona wa leba leropong la Ekerone le ka leboya, wa sehwa ho ya fihla Shikarone, wa fetela thabeng ya Baala, wa fetela le Jabeneele, wa ya fella lewatleng.
12Ka bophirimela moedi e ne e le Lewatle le Leholo le lebopo la lona.
Ona ke wona moedi wa bana ba Juda, ho ya ka malapa abo bona.
Kalebe o hapa Heborone le Debiri
(Baa. 1:10-15)
13Ho ya ka taelo ya Morena ho Joshua, Kalebe, mora wa Jefune, o ile a abelwa karolo ya naha hara bana ba Juda; a mo abela le motse wa Areba, mme Areba e ne e le ntata Anake. Ke yona Heborone. 14Naheng eo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake, e leng Sheshai, le Ahimane, le Talamai, ditloholo tsa Anake. 15Kalebe a nyoloha teng, a futuhela baahi ba motse wa Debiri. Lebitso la pele la motse wa Debiri e ne e le Kiriate-Sefere. 16Yaba Kalebe o re: “Mang kapa mang ya ka futuhelang motse wa Kiriate-Sefere, mme a o hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.” 17Yaba Oteniele, mora wa Kenase, ngwanabo Kalebe, o hapa Kiriate-Sefere, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae hore e be mosadi wa hae. 18Ha Akasa a fihla ho Oteniele, Oteniele a mo pheella hore a kope ntatae, Kalebe, a ke a mo qothele naha.
Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?”
19Akasa a re: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako mphe le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le tse tlase.
Metse ya Juda
20Lena ke lona lefa la morabe wa bana ba Juda, ho ya ka malapa abo bona.
21Karolong ya naha ya morabe wa bana ba Juda, metse e holehole ho ya moeding wa Edomo, ka borwa, e ne e le Kabeseele, le Edere, le Jagure, 22le Kina, le Dimona, le Adada, 23le Kedeshe, le Hasore, le Jitenane, 24le Sife, le Teleme, le Bealote, 25le Hasore-Hadata, le Keriote-Heserone, e leng Hasore, 26le Amame, le Shema, le Molada, 27le Hasere-Gada, le Heshemone, le Bete-Pelete, 28le Hasere-Shuale, le Beeresheba, le Bisiotia, 29le Baala, le Ijime, le Eseme, 30le Eletolade, le Kesile, le Horema, 31le Sikelage le Mademana, le Sanesanna, 32le Lebaote, le Shilehime, le Aine, le Rimone. Metse ena e ne e le mashome a mabedi a metso e robong, le metsana ya yona.
33Diphuleng metse e ne e le Eshetaole, le Sora, le Ashena, 34le Sanowa, le Ene-Gannime, le Tapua, le Ename, 35le Jaremute, le Adulame, le Soko, le Aseka, 36le Shaaraime, le Aditaime, le Gedera, le Gederotaime. Metse ena e ne e le leshome le metso e mene, le metsana ya yona.
37E nto ba Senane, le Hadasha, le Migedale-Gade, 38le Dilane, le Misepa, le Jokothele, 39le Lakishe, le Bosekate, le Egelone, 40le Kabone, le Lahamase, le Kiteleshe, 41le Gederote, le Bete-Dagone, le Naama, le Makeda. Metse ena e ne e le leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.
42E be Lebena, le Etere, le Ashane, 43le Jifeta, le Ashena, le Nesibe, 44le Keila, le Akasibe, le Maresha. Metse ena e ne e le robong, le metsana ya yona.
45E be Ekerone, le metse ya yona, le metsana ya yona. 46Ho tloha Ekerone, ho ya fihla lewatleng, e be metse yohle, le metsana ya yona, e pela Ashedode. 47E ntano ba Ashedode, le metse le metsana ya yona, le Gasa, le metse le metsana ya yona, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, le Lewatleng le Leholo, le mabopong a lona.
48Naheng e maralla metse e ne e le ena: Shamire, le Jatire, le Soko, 49le Dana, le Kiriate-Sanna, e leng Debiri, 50le Anabe, le Eshetemoa, le Anime, 51le Goshene, le Holone, le Gilo. Metse ena e ne e le leshome le motso o mong, le metsana ya yona.
52E be Arabe, le Duma, le Eshane, 53le Janume, le Bete-Tapua, le Afeka, 54le Humeta, le Motse wa Areba, e leng Heborone, le Siore. Metse ena e ne e le robong, le metsana ya yona.
55E be Maone, le Karamele, le Sife, le Juta, 56le Jesereele, le Jokodeame, le Sanowa, 57le Kaine, le Gibea, le Timina. Metse ena e ne e le leshome, le metsana ya yona.
58E be Halehule, le Bete-Sure, le Gedore, 59le Maarate, le Bete-Anote, le Eletekone. Metse ena e ne e tsheletse, le metsana ya yona.
60E be Kiriate-Baale, e leng Kiriate-Jearime, le Raba. Metse ena e ne e le mmedi, le metsana ya yona.
61Lehwatateng e ne e le Bete-Araba, le Midine, le Sekaka, 62le Nibeshane, le Motse wa Letswai, le Ene-Gedi. Metse ena, e ne e tsheletse, le metsana ya yona.
63Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.

Currently Selected:

JOSHUA 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy