YouVersion Logo
Search Icon

JONASE 3

3
Jonase o mamela taelo ya Morena
1Lentswe la Morena la fihla ho Jonase kgetlo la bobedi, la re: 2“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.”
3Yaba Jonase o a tsamaya, o ya Ninife, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Ninife e ne e le motse wa setletlehadi; motho o ne a nka matsatsi a mararo ho tswela ka nqane ho wona. 4Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!”
5Batho ba Ninife ba dumela molaetsa wa Modimo. Ba laela hore ho itingwe dijo, mme bohle ba baholo le ba banyenyane ba apara tse mahwashe.
6Ha molaetsa o fihla ho kgosi ya Ninife, ya raoha teroneng ya yona, ya hlobola seaparo sa yona sa bokgosi, ya apara tse mahwashe, mme ya dula moloreng. 7Yaba kgosi e etsa phatlalatso hara motse wa Ninife, e re:
“Kgosi, e ena le mahosana a yona, e laela hore: Ho se be motho ya tla latswa letho, a je kapa a nwe; le tsona diphoofolo le dikgomo kapa dikgutshwane, di se ke tsa fula kapa tsa enwa metsi. 8Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka. 9Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?”
10Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.

Currently Selected:

JONASE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy