YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 4

4
Jobo o tennwe ke bophelo
1Jwale Elefase ya tswang Temana a araba, a re:
2“Ebe o tla teneha
ha motho a buisana le wena?
Empa ke mang
ya ka tshwarang leme la hae?
3Hopola kamoo o rutileng
ba bangata kateng,
wa matlafatsa matsoho a tepeletse!
4Polelo tsa hao
di tsheheditse ba kgoptjwang,
wa matlafatsa mangwele a rerekela.
5Jwale ha tsietsi e o tlela o a nyahama;
ere e o fihlela ebe o a thethelwa!
6Ho tshaba Modimo ha hao
hase hona letshepa la hao,
ho hloka kodi ha hao
yona ntshepedi ya hao?
7“Ako nahane: Mohlokakodi ke ofe
ya kila lahleha?
Ba lokileng bona
ba kile ba timetswa hokae?
8Kamoo nna ke seng ke bone kateng,
ba lemang bobe,
ba be ba jale bokgopo,
ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.
9Ha Modimo a halefa ba a timela,
fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise.
10Lekakuba le a puruma,
tautona e kgarumake,
meno a ditawana a fetohe,
a fetohe dikotwana.
11Tautona e shwa
ke ho hloka sebolawa,
tawana tsa tauhadi
di phasaphase kahohle.”
Ha ho ya lokileng pela Modimo
12“Ke ile ka nyenyeletswa
ka lekunutu,
ka longwa tsebe
ka ba ka hwesheletswa.
13Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu,
ha phume sa boroko
batho se ba katela,
14tshabo le thothomelo
tsa nkwela hodimo,
masapo wohle a mmele a keqemana.
15Seriti sa falola kapela mahlo a ka,
mmeleng wa ka
mohwete wa iketsa diqala!
16Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile,
sa sona sobepeho ke sa se tsebe!
Sa ema kapela mahlo a ka,
ha didimala,
ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re:
17‘Na ya shwang
a ka loka mahlong a Modimo,
a hlweka le mahlong a Mmopi wa hae?
18Ha Modimo a sa tshepe
bahlanka ba hae,
mangeloi a hae
a a qosetsa bohelehele;
19a ka tshepa jwang
ba meqhemeng ya makwete,
ba bopilweng ka role la lefatshe,
ba phetshelwang habonolo
jwaloka tshwele?
20Le ba tjhabela ba phela,
le dikele ba fedile,
ba timelle ruri,
ba sa natswe ke motho.
21Dimapo tsa tente tsa bona
di a motsulwa,
ba be ba shwe ba hloka bohlale!’ ”

Currently Selected:

JOBO 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy