YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 3

3
Jobo o rohaka letsatsi la tswalo ya hae
1Kamora tsena, Jobo a tswa molomo, a rohaka letsatsi leo a neng a tswalwe ka lona. 2A bua, a re:
3“Tsatsi la tswalo ya ka
le ke le timele,
le bosiu boo ka bona
ho neng ho thwe:
‘Ho emotswe ngwana moshanyana!’
4Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi,
Modimo ya hodimo a le lebale,
sedi le se hlole le le tjhabela hape.
5Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana,
leru le aparele tsatsi leo,
fifi le fifatse sedi la lona.
6Bosiu boo bona bo fifalle ruri,
bo se balellwe le matsatsi a selemo,
bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi.
7Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea,
le mehoo ya thabo e se utlwahale.
8Barohaki ba matsatsi
ba ke ba bo rohake,
bona ba tsebang
le ho tshwenya kganyapa.
9Naledi di se ke tsa phatsima,
bo batle lesedi, bo se le fumane,
bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba,
10hobane ha bo a ka
ba kwala mme popelo,
ha bo a ka
ba nthibela ho bona maswabi.”
Jobo o re hoja a se ke a tswalwa
11“Ke hobaneng
ke sa shwelang popelong?
Ke hobaneng
ke sa shwang ha ke tswalwa?
12Ke hobaneng nkileng ka sikwa?
Ke hobaneng ke antseng matswele?
13Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse,
ke ithobaletse,
ke phomotse ka kgotso,
14ke phomotse le dikgosi
le matona a kwano,
bao mehaho ya bona e leng mabitla,
15le mahosana a kgabang ka kgauta,
ao matlo a wona a tletseng silefera;
16ke epetswe jwaloka sefolotsana,
jwaloka lesea le eso bone lesedi.
17Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa,
ba kgaotsa ho ferekanya,
ba kgathetseng,
teng ba fumana phomolo.
18Ba thopilweng
le bona ba phela ka kgotso,
ha ba sa utlwa
mokataki a kgarumaka.
19Ba hlomphehang le ba eisehang
ba a lekana,
kgoba le holotswe
kgobeng ba monga lona.”
Ba ditlokotsing ba labalabela lefu
20“Ba ditlokotsing
ba bontshetswang lesedi?
Ba tubehileng moyeng
ba neelwang bophelo?
21Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele,
ba le batla
le ho feta letlotlo, patuwe.
22Ba thaba ka thabo e fetisisang,
ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.
23Ya fihlametsweng ke tsela
o tswaletsweng,
athe Modimo
o mo raletse mathibela?
24Bakeng sa ho ja
ke tlelwa ke mefehelo,
medumaelo ya ka
e phutsalle sa diphororo!
25Seo ke se tshabang
se nkwetse hodimo,
seo ke se tshohileng
jwale se mphihletse.
26Ke hloka kgotso,
ke hloka le boikgutso;
ke hloka phomolo,
tsietsi di nkapere!”

Currently Selected:

JOBO 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy