YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 37

37
Elehu o re Modimo o etsa dikgolo
1“Fefo sena se thefula methapo
ya pelo ya ka,
ere ha e thanya
e be tlohe madulong.
2Mamedisa ho thwathwaretsa
ha ntswe la Modimo,
o mamele modumo
o tswang molomong wa hae.
3O dumisa letolo
tlasa mahodimo wohle,
hadima la hae le yo fihla
pheletsong tsa lefatshe.
4Lentswe le purumang
le latela lehadima,
Modimo o pokosela
ka ntswe la bohosi ba hae;
ha maru a thwathwaretsa
lehadima ha a le thibele.
5Ho pokosela ha ntswe la Modimo
ho a makatsa;
o etsa dikgolo
tse fetang kutlwisiso ya rona.
6Ho lehlwa o re:
‘Kgethehela lefatshe!’
Ho lefafatsane:
‘Fetoha ditlwebelele!’
7Mosebetsi wa motho ka mong
o a o emisa,
batho bohle ba tsebe
mosebetsi wa hae.
8Batana di hohobela
dilaong tsa tsona,
ebe ka mesimeng ya tsona
di a ipothela.
9Mamati a tjhankana ya sefefo
a petlekilwe,
meya e pepetlang e tlisa serame.
10Ha Modimo a phefumoloha
leqhwa le a bopeha,
kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane.
11Maru a matsho
a dusa pula ya motloporo,
ka maru ao,
Modimo lehadima o a le hasa.
12Maru a ntsa phethesela
tseleng ya wona,
a aparetse lefatshe kahohlehohle,
a phetha taelo
tseo Modimo a di entseng.
13Modimo a ka nesa pula
e le kotlo ho batho,
kapa a e nesa
hore fatshe le be mongobo,
kapa a e nesa
e le supo sa lerato la hae.
14“Oho, wena Jobo,
ako mamele sena:
Kgutsa, o ko nahane
dimakatso tsa Modimo!
15Na o tseba kamoo Modimo
a laolang maru kateng,
le kamoo a etsang
hore hadima la hae le tsekeme?
16Na o tseba kamoo maru
a tsheheditsweng kateng,
le dimakatso tsa eo tsebo ya hae
e phethehileng?
17Na o tseba hore aparo
di futhumatsa jwang
ha moya o hlaha borwa,
naha e jele boya?
18Na o ka mo thusa
ho sarolla mahodimo,
mahodimo a bothata
ba seipone sa lethose?
19“Re rute hore na
re tle re reng ho yena;
re sitwa ho rala nyewe
hobane re lefifing.
20Na a ka bolellwa
hore ke rata ho bua le yena?
Haeba motho a ka bua,
ruri o tla timetswa!
21“Ho jwalokaha moya o fefera maru,
tsatsi le sala mmanameng le kganya,
batho ba sitwa ho le tadima
ke ho ba fahla;
22le hlaha ka leboya e ka kgauta,
tlotla ya Modimo
e re kenyetse tshabo.
23Ya Matla wohle
re ke ke ra mo fihlela,
o re phahametse ka matla
le ka dikahlolo,
a ke ke be a sokamisa toka ya hae.
24Ka baka leo,
batho bohle ba a mo tshaba,
bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.”

Currently Selected:

JOBO 37: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy