YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 33

33
Elehu o re Jobo a mo mamele
1“Ka baka lena,
ke a o rapela, Jobo:
Ako mamele polelo ya ka,
mantswe a ka wohle
o a sekehele tsebe.
2Mamela! Jwale ke lekgatheng
la ho bua,
mantswe a sa le lelemeng la ka.
3Mantswe a ka ke a pelo
e se nang mano,
molomo wa ka o bua nnete
eo ke e tsebang.
4Nna ke entswe ke moya
wa Modimo,
mophefumoloho wa Ya Matla wohle
o etsa hore ke phele.
5“Haeba o ka kgona, ako nkarabe;
rala mabaka a hao,
ebe o nthula ka wona.
6Kapela Modimo ke tshwana le wena,
ke bopilwe ka letsopa jwaloka wena.
7Lebaka la hore o ntshabe ha le yo,
ho ba teng ha ka
ho ke ke ha o imela.”
Modimo hase sera sa Jobo
8“Ruri o buile
moo ke ntseng ke utlwa,
modumo wa mantswe a hao
ka o mamela:
9‘Nna ke hlwekile, ha ke na sebe,
ke hlatswehile, ha ke na bokgopo,
10empa jwale Modimo o mpea dibato,
o ntadima ke le sera sa hae.
11Maoto a ka o a tlamile
ka mahlaahlela,
tselana tsa ka tsohle
o a di lekola.’
12“Tabeng ena o fositse;
ke o araba ka ho re:
Modimo o moholo ho feta motho.
13Ke ka baka lang
ha o phea kgang le yena,
o re polelo tsa hao ha a di arabe?
14Modimo o bua
ka mekgwa e le mengata,
empa ha ho ya keng a hlokomele.
15Torong le ponong tsa bosiu,
ha phume sa boroko
batho se ba katetse,
phateng tsa bona ba kgalehile,
16Modimo o nyenyeletsa
tsebeng tsa batho,
a ba tshose ka keletso tsa hae,
17hore tsela tse kgopo
ba di kgelohe,
boikakaso bo be hole le bona.
18Modimo o phemisa motho
ho theohela lebitleng,
a mo phemise ho bolawa ka sabole.
19O kgalemela motho
ka ho mo robatsa phateng tsa lefu,
a opise masapo a hae wohle
ho se kgaotso;
20jwale takatso ya dijo
ebe e a fela,
a nyonye le dimonate
tseo a di ratang.
21O ye a fetohe moketa,
a motele dinama,
e sale e le masatswane,
palwadikgopo.
22Moya wa hae o atamela lebitla,
phelo ba hae bo atamele babolai.”
Modimo o mohau
23“Haeba lengeloi le leng
la a sekete,
le le hlakoreng la hae,
e le mmoelanyi,
le ruta motho seo e leng toka,
24le tla mo hauhela,
le bue, le re:
‘Mo hauhele,
a se theohele lebitleng,
hobane ke se ke mo fumanetse
se mo lopollang.’
25Nama ya hae e tla ntjhafala,
e tshwane le ya lesea,
a okolohe, a tshwane
le mehleng ya botjha ba hae.
26O tla rapela Modimo,
yena a mo rekolohele,
fahleho sa hae a tla se bone
a nyakaletse,
hobane Modimo o mmuseletsa
ho loka ha hae.
27O tla binela batho,
ebe o re ho bona:
‘Ke entse sebe,
ka kgopamisa ho loka,
empa sebe seo sa ka
ha ke a se otlelwa.
28O pholositse moya wa ka
O se ye lebitleng,
ke tla boela ke phele,
ke nne ke bone lesedi.’
29“Tsena tsohle
Modimo o di etsa ho motho,
a ka di etsa habedi,
a ka di etsa hararo,
30hore a phemise motho
ho theohela lebitleng,
sedi la bophelo
le tle le mmonese.
31“Hlokomela, Jobo,
o ke o mmamele;
ako kgutse, mme nna ke tla bua.
32Haeba o na le puo, ako nkarabe;
bua, ke kgolwe hore ha o na molato.
33Haeba o sa re letho,
eka kgona o mmamele;
ako kgutse,
mme ke tla o ruta bohlale.”

Currently Selected:

JOBO 33: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy