YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 32

32
Elehu o bua le metswalle ya Jobo
1Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile. 2Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso. 3Kgalefo eo ya hae ya ba ya tlokomela le metswalle ya hae e meraro, hobane leha e ne e nyatsa Jobo, e ne e hloleha ho mo araba. 4Elehu o ne a ile a emela banna bao hore ba bue le Jobo pele ho yena, hobane ba ne ba le baholo ho yena. 5Ha a bona hore banna bao ba bararo ba feletswe ke puo, kgalefo ya hae ya nna ya tlokoma.
6Yaba Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, o a bua, o re:
“Ke sa le mmotlana,
lona le tsofetse,
ka hona ke ile ka itshwara,
ka tshaba ho le bolella
seo ke se tsebang.
7Ke ile ka nahana:
‘Eka kgona baholo ba bue,
ba lemo di ngata ba rute bohlale.’
8Empa ke moya o ka ho motho,
e leng moya wa Ya Matla wohle,
wona o neang motho kutlwisiso.
9Hase ba baholo feela
ba nang le bohlale,
kapa maqheku feela
a utlwisisang ho lokileng.
10Ka baka leo,
ke re le ke le mmamele,
le nna ke bolele seo ke se tsebang.
11“Ke ile ka le emela
hore le ke le bue,
puo tsa lona ka di theela tsebe
ha le ntse le kgetha mantswe.
12Ke fetse ka le mamela:
Ha ho le ya mong
ya shanofaditseng dipuo tsa Jobo,
kapa ya arabileng polelo tsa hae.
13Hlokomelang, le se ke la re:
‘Rona bohlale re bo fumane;
Modimo ke yena ya tla mo hlola,
a ke ke a hlolwa ke motho.’
14Polelo tsa Jobo
di ne di sa lebiswa ho nna,
nke ke ka mo araba jwaloka lona.
15“Banna bana ba nyahame dipelo,
ba se ba feletswe ke dikarabo,
mantswe le wona a a ba haella.
16Ebe nka lebella,
hobane ba sa arabe,
hobane ba themeletse,
ba se ba hloka puo?
17Le nna ke tla hlahisa ya ka karabo,
ke be ke bolele seo ke se tsebang.
18Ke pipitlelane ke mantswe,
moya wa ka o ntshusumetsa
hore ke bue;
19fuba sa ka se ka veine e bitieletswe,
se kgatheng la ho phatloha
sa makuka a matjha.
20Ke tla bua,
ho pipitlelwa ho fele;
ke tla tswa molomo,
le nna ke arabe.
21Ha nka ke ka tadima
tshobotsi ya motho,
ha nka ke ka kakamatsa
mang le mang.
22Ha ke ne ke tseba ho kakamatsa,
Mmopi wa ka o na ntlosa
ka ho panya ha ntshi!”

Currently Selected:

JOBO 32: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy