YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 28

28
Motho o batla bohlale
1“Silefera
e na le morafo wa yona,
kgauta
e na le setshekelo sa yona;
2tshepe yona e tjhekwa
e etswa katlasa lefatshe,
lethose le fumanwa
ka ho qhibidisa moralla.
3Motho o kenella hare
mpeng ya lefatshe,
a yo fihla kgotjheletsaneng tse hole,
a etse merafo
hara lefifi le letsholetsho.
4O tjheka tjhafo
hole le leaho la batho,
bakeng tseo
leoto le eso hate ho tsona;
a leketle marapong
a le hole le batho,
a tsokotsehe, a ye kwana le kwana.
5Dijo di mela kahodima lefatshe,
katlase le fuduuwa
jwalokaha ho fuduuwa mollo.
6Majwe a lona
a bopeletswe le disafire,
a bile a na le mereto ya kgauta.
7Tsela ya teng
ha e tsejwe le ke letlaka,
esita le phakwe
ha e eso ka e e bona.
8Batana tsa naha
ha di eso tsamaye ho yona,
esita le tau ha e eso fete le moo.
9“Lejwe la moremaphofu
motho o a le thuaka,
thaba a di fure metheong ya tsona.
10Hara mafika a phunyake mesele,
mahlo a hae a bone tsa bohlokwa
di le mefuta.
11Metsi a rothelang ka merafong
o a a thibela,
tse patehileng a di bee mmananeng,
di bonwe ke bohle.”
Bohlale ha bo fumanwe
12“Ebe jwale bohlale
re ka bo fumane kae?
Lehae la kutlwisiso lona
le fumanwa kae?
13Bohlale ha bo fumanwe
fatsheng la ba phelang,
ha ho ya utlwisisang
bohlokwa ba bona.
14Bodiba bo re:
‘Ka ho nna bohlale ha bo yo!’
Lewatle le re:
‘Le ho nna bohlale ha bo yo!’
15Ka kgauta e hlwekisitsweng
bo ke ke ba rekwa,
kapa theko ya bona ya methwa
ka boima ba silefera.
16Ka kgauta ya Ofire
bo ke ke ba rekwa,
kapa ka kareneleane
le safire ya bohlokwa.
17Kgauta kapa mahakwe
a ke ke a lekana le bona,
kapa ba ananngwa
ka mekgabiso ya kgauta.
18Dikgetla le mahakwe
tsona ha di sa bolelwa;
theko ya bohlale
e feta le mabenyane a bohlokwa.
19Jwe la bohlokwa la Kushe
le ke ke la lekana le bona,
ka kgauta e hlwekisitsweng
bo ke ke ba rekwa.”
Bohlale bo tsejwa ke Modimo feela
20“Ebe jwale bohlale bo tswa hokae?
Lehae la kutlwisiso lona le hokae?
21Bo patetswe dibopuwa tsohle,
bo patetswe le tsona
nonyana tse fofang.
22Timelo le lefu le tsona di re:
‘Re utlwa bo-fuufu ha ba bo bolela.’
23“Ke Modimo feela
ya tsebang tsela ya bona,
ke yena feela
ya tsebang habo bohlale,
24hoba o bona pheletso tsa lefatshe,
o bona tsohle tse tlasa mahodimo.
25Ha Modimo a nea moya
matla a wona,
le mawatle a a sehela moedi;
26ha a ne a beela pula taelo,
lehadima le lona a le betlela tsela,
27o ila bona bohlale, a bo hlahloba,
a bo leka, a bo ananela.
28“Yaba o re ho motho:
‘Ho tshaba Morena
ke bona bohlale;
ho furalla bokgopo
ke yona kutlwisiso.’ ”

Currently Selected:

JOBO 28: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy