YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 27

27
Jobo o hlalosa moputso wa ba kgopo
1Jobo a tswela pele ka puo ya hae, a re:
2“Ka Modimo ya phelang,
ya nkamohileng toka,
ka Ya Matla wohle,
mohlokofatsi wa moya wa ka;
3ha feela nna
ke sa ntsane ke phela,
ke ntse ke phefumoloha
moya wa Modimo,
4molomo wa ka
o ke ke be wa bua bokgopo,
leme la ka
le ke ke be la bolela bohata.
5Ha nka ke ka dumela hore le nepile,
ke tla be ke yo shwa
ke ntse ke itatola.
6“Ho loka ha ka
ke boshwa-bo-tshwerwe,
ha ke ntse ke phela
tswalo le ke ke la nkgwebetha.
7“Dira tsa ka
di ke di tshwane le ba kgopo,
bantwantshi ba ke ba be
jwaloka balotsana.
8Letshepa la moetsadibe ke lefe,
mohla Modimo
a mo amohang bophelo?
9Na Modimo a ka mamela,
a mamela sello sa hae,
ha tlokotsi e se mo wetse hodimo?
10Na yena o tla thabela
Ya Matla wohle,
a ipiletse ho Modimo
ka nako tsohle?
11“Ke tla le ruta
seo matla Modimo a leng sona;
merero ya Ya Matla wohle
nke ke be ka e pata.
12Tsena tsohle
le lona ka mahlo le di bone;
ke ka baka lang
ha le ntse le bua mafeelafeelane?
13“Seo Modimo
a se abetseng ya kgopo,
lefa leo Ya Matla wohle
a le abetseng ya sehloho, ke lena:
14Leha a ka atelwa ke bana,
ba tla shwa ka sabole,
tloholo tsa hae
di ke ke tsa anelwa ke dijo;
15masalla a hae
a tla shwa ke lefu la sewa,
bahlolohadi ba hae
ba ke ke ba mo llela.
16Leha a ka bokella silefera
e kaa ka lehlabathe,
bongata ba aparo tsa hae
ba ba kaa ka letsopa,
17tsa etsa pokella,
ya lokileng o tla di apara;
ba se nang molato
silefera ba e arolelane.
18O hahile ntlo e fokola
sa bolepo ba sekgo,
e tshwana le lephephe
la motshosi masimong.
19O robala a ruile
e le kgetlo la ho qetela;
ere ha a phaphama
a tsohe a itlhophere.
20Tsietsi di mo wela hodimo
jwaloka sekgohola,
fefo se mo fefola bosiu
ha ho robetswe.
21Moya wa botjhabela o a mo nka,
o ikele ka yena,
o mo pheulele hole le lapa la hae;
22o puputlele ho yena o se na mohau,
e be lekgerakgara
ha a leka ho o baleha.
23Ba mo opela diatla,
ba be ba mo je tlepane,
ba mo letsetse molodi
ha a tloha lapeng ha hae.”

Currently Selected:

JOBO 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy