YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 24

24
Jobo o re Modimo ha a tsotelle bokgopo
1“Na Ya Matla wohle
tsatsi la kahlolo ha a le tsebe?
Ba mo sebeletsang
nako ya lona ba a e tseba?
2“Ba kgopo ba suthisa
mekolokotwane ya meedi,
ba utswe mehlape,
ba be ba e katle.
3Tonki ya kgutsana
ba e kgothela pele,
pholo ya mohlolohadi
ba e nkele peeletso.
4Ba thesela bafumanehi
hore ba suthe tseleng,
mafutsana wohle
a phela ka ho ipata.
5“Jwaloka tonki e hlaha, lehwatateng,
mafutsana a tsohella mosebetsing,
ho ya sela,
lefeella ke lona
le fepang bana ba wona.
6A kotula dijo masimong a ba kgopo.
A kgwahlapise morara
rapeng tsa ba kgopo.
7A robala a le feela
ke ho hloka kaparo,
rame se fella hodima wona
ke ho hlobola.
8Mafutsana a kolobiswa
ke medupe ya thaba,
a be a maname mafikeng
ke ho hloka lephephe.
9“Kgutsana e hlothwa letsweleng,
tsweleng la mma yona,
mofutsana o lefa molato
ka lesea la hae.
10Ba tsamaisa mafutsana
a se na le nketlana,
a thotha dihlopha tsa koro
a ntsa lapile,
11a tulela
tholwana tsa mohlwaare matlapeng,
a etsa ole,
a tlhotla veine morareng
a ntse a nyorilwe.
12Medumaelo ya ba shwang
e utlwahala hara motse,
ba tswileng dikotsi
ba llela hore ba thuswe,
empa thapelo tsa bona
Modimo ha a di natse.
13“Ho na le ba bang
ba hloileng lesedi,
ba sa tsebeng tsela tsa lona
le ho tsamaya ka tsona.
14Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha,
a bolaye mofumanehi,
a bolaye le mofutsana;
athe bosiu teng
o fetoha leshodu hantle.
15Sehlola se a lebella,
se lebella hore shwalane e tshware,
se re:
‘Ha nka ke ka bonwa ke ope,’
ebe jwale se ikwahela sefahleho.
16Bosiu mashodu a thuakanya matlo,
motsheare teng ebe a a ipata;
lesedi lona ha a kopane le lona.
17Ho wona wohle
fifi le tshwana le motsheare,
matshabeho a lefifi
ho mashodu ke metswalle.
18“Ba jwalo ba ka mahohodi
a lwebang hodima metsi,
masimo a bona a neilwe thohako,
ha ho ya yang
rapeng tsa bona tsa morara.
19Jwalokaha komello le motjheso
di qhibidisa lehlwa,
lebitla le lona
baetsadibe le a ba metsa.
20Popelo e tla ba lebala,
diboko di ba nyabele;
ba ke ke ba hlola ba sa hopolwa,
bokgopo bo tla fela
sa fate se robehile.
21Mosadi wa nyopa ba a mo sotla,
mohlolohadi yena
ba mo hlokele mohau.
22Ka matla a hae
Modimo o lelefatsa bophelo,
o lelefatsa bophelo ba bo-ramonatla,
ba ka tsitsa,
tshepa la ho phela lona ha le yo.
23O a ba sireletsa,
ba be ba rue letshepa,
athe metsamao ya bona
yona o e disitse.
24Ba tuma ka nakwana,
ba be ba nyamele,
ba theolwe dikalaneng,
ba timetswe jwaloka bohle,
ba shwe sa diako tsa koro
ha di kgaolwa.
25“Haeba ho se jwalo,
nka shanofatswa ke mang?
Ke mang ya ka reng
polelo tsa ka ke tsa bosawana?”

Currently Selected:

JOBO 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy