YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 16

16
Jobo o re o hloilwe ke Modimo le batho
1Yaba Jobo o a araba, o re:
2“Tse kang tsena
ke di utlwile hangata;
lona bohle le batshedisi
ba tenang motho!
3Na o sa tla kgaotsa
ho shwahla mafeela?
Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?
4Hoja boemo ba ka e ne le ba lona,
ke ne nka nna ka bua jwaloka lona,
ka puo tse ngata ka le tlameletsa,
ka ba ka thukuthela
hlooho ya ka ho lona.
5Empa polelo tsa ka
di ne di tla le kgothatsa,
ho bebenya melomo ha ka
ho le bebolele tlokotsi.
6“Leha nka bua,
bohloko ba ka ha bo kokobele;
leha ke kgutsitse,
bona ha bo ntlohele.
7Oho, Modimo, o fela o ntshotlile,
lapa la ka lohle
le timeditswe ke wena;
8o ile wa ntlhasinya,
mme o sera sa ka;
bokojwane ba ka
ke paki e nqosang ke e shebile.
9Ya ntlhoileng,
ka kgalefo o a ntlepolaka,
o ntsikitlanyetsa meno a hae;
sera sa ka se ntjheba
ka mahlo a ntjhotjho!
10Batho ha ba kopetse melomo
ha ba ntshoma,
ba ntjabela lerameng
ba bile ba nnyefola,
ba entse setha-se-wele hodima ka.
11Modimo o nneeletse ka balotsana,
o ntahletse matsohong
a batho ba kgopo.
12Ke ne ke iketlile,
ke mona o ntshuhlamantse,
a mphamola ka molalana,
yaba o a mpidila,
a ntlhoma ho ba sekgopi
sa metsu ya hae.
13Metsu ya hae e nketseditse lethala,
o harola dikahare tsa ka
a se na mohau,
nyooko ya ka yona
o e qhalanyetsa fatshe.
14O ntlhaba a sa tswa ntlhaba,
o nkgorohela jwaloka seqhobane.
15“Mmeleng wa ka
ke apere tse mahwashe,
ka phatla ya ka
leroleng ka sunyama;
16mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi,
botsho bo entse sedika-mahlwana
ntshing tsa ka;
17leha matsoho a ka
a sa fuparela bokgopo,
le thapelo ya ka ho Modimo
e hlwekile.”
Jobo o ipiletsa ho Modimo hape
18“Oho, wena lefatshe,
madi a ka o se ke wa a monya,
boipiletso ba ka
bo se ke ba kgaotsa!
19Le jwale paki ya ka
e lehodimong,
mmuelli wa ka
le yena o hodimodimo.
20Ha e le metswalle ya ka
e a ntshoma,
keledi tsa ka
di keleketlela ho Modimo.
21Ke mang
ya ka mpuellang ho Modimo
jwalokaha ho buellwa motho
ho motswalle?
22“Ho tla feta lemo
di le mmalwana,
ebe nna ke nka tsela
e yang bo-ya-batho.”

Currently Selected:

JOBO 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy