YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 15

15
Elefase o re Jobo ha a hlomphe Modimo
1Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:
2“Na mohlalefi
a ka bebera manenekwane,
a pipitlelwa ke moya
wa ho phorohla?
3A phea kgang
ka ho bua mafeelafeelane,
kapa ka puo tsa sa thuseng letho?
4Ho tshaba Modimo
o ho phephethetse hole le wena,
ho rapela Modimo
hona o a ho fedisa.
5Puo tsa hao
di susumetswa ke bokgopo ba hao,
boqhweleqhwele
bo ntlheng ya leleme la hao.
6Ha o tsuwe ke nna,
o tsuwa ke dipuo tsa hao,
molomo wa hao
ke wona pakimotshwaedi.
7“Ebe ke wena
motswalwapele wa motho?
kapa o bopilwe pele ho maralla?
8Na merero ya phiri tsa Modimo
o a e tseba?
Na bohlale bona
ebe ke ba hao o le inotshi?
9O tseba dife
tseo re se nang tsebo ya tsona?
O utlwisisa dife
tseo re se nang kutlwisiso ya tsona?
10Bo-raputswe le maqheku
ba ka hlakoreng la rona,
bannabaholo ba boneng letsatsi
pele ho ntatao.
11“Na matshediso a Modimo
o a a halala,
le mantswe a buuwang ka bonolo
tsebeng tsa hao?
12O dumellang ho rwalwa
ke pelo ya hao?
Mahlo a hao wona
a tukelang malakabe,
13hoo o hlatsetsang
kgalefo ya hao ho Modimo,
o buang puo tse tjee,
ka molomo wa hao?
14“Motho ke ntho nngwe,
hoo a ka bang le tlhweko?
Ya tswetsweng ke mosadi
yena a ka loka jwang?
15Haesita Modimo
a sa tshepe mangeloi a hae,
mahlong a hae
le mahodimo a sa hlweka,
16a ka tshepa motho jwang,
a le manyala, a tletse podile,
a momorotsa bokgopo
sa metsi a mophoko?”
Qetello ya ba kgopo e a tshabeha
17“Thea tsebe, o mamele,
ke o manollele,
ke o bolelle tseo ke di boneng
ka mahlo a ka;
18tse boletsweng
ke banna ba bahlalefi,
ba di bolela ba sa pate letho,
ba bolela tseo ba di utlwileng,
ho baholoholo ba bona;
19bona bao naha e neng
e abelwe bona feela,
ho se molata o jakileng hara bona.
20“Ya kgopo
o kgwebethwa ke letswalo,
le mo kgwebetha
ka tshiu tsohle tsa hae,
mohatelli le yena
le a mo kgwebetha,
le mo kgwebethe
ka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.
21Tsebe tsa hae di tlala
medumo e tshosang,
haeka tsohle di ya hantle
batupi ba mo hlasele.
22O lahlehetswe ke tshepo
ya ho tswa kahara lefifi,
kaekae sabole le yona e mo laletse.
23O lelera le naha, a batla dijo,
a ntse a botsa hore na di kae;
o a tseba, tsatsi la timelo ya hae
le atametse;
24matshwenyeho le mahloko
a mo kenya letswalo,
a mo pupetsa
sa kgosi e kgatheng la ho futuha,
25hoba o kokoseditse Modimo letsoho,
o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.
26O mo kgorohela
a sataladitse molala,
thebe e shahlileng
a e utlile ka mallela.
27“Le hoja a le fahleho se matlebele,
theka la hae le le maphethephethe,
28o tla phela metseng e le dithako,
matlung a seng a setse a le feela,
a kgatheng la ho fetoha masupi.
29Ha a ka ke a hlola a ba a rua,
matlotlo a hae wohle a tla timela,
fatshe le ke ke la anelwa
ke maruo a hae.
30A ke ke be a phonyoha lefifing,
lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae,
kgalefo ya Modimo e mo timetse!
31A se ithetse ka ho tshepa mafeela,
hobane mafeela
e tla ba wona moputso wa hae.
32Pele a eshwa hoo ho tla etsahala,
makala a hae a ke ke be a tlokoma.
33O tla tshwana le morara,
o hlohlorang tholwana di sa le tala,
jwaloka mohlwaare o hlohlorang,
o hlohlorang thunthung tsa wona.
34“Ba kgopo
ba ke ke ba ba le ditloholo,
mollo o tla tjhesa matlo
a ba phelang ka tjotjo.
35Ba emola tlokotsi,
ba tswale bokgopo,
thetso ke yona
ngwana popelo ya bona.”

Currently Selected:

JOBO 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy