YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 13

13
Jobo o re ha a na molato
1“Tsena tsohle ke di bone
ka mahlo a ka,
ka tsebe tsa ka ka di utlwa,
ka di utlwisisa.
2Ke tseba tsena
jwalokaha le lona le di tseba,
etswe le hona ha le mphete ka letho!
3Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle,
ho ipiletsa ho Modimo
ke ho tjhesehela haholo.
4Lona le baqapi ba mashano
a se na ditswako,
kaofela ha lona
le bo-ngakana-kea-hetla.
5Eka le ka kgutsa ho bua,
la kgutsetsa ruri!
Hoo e ne tla be e le bohlale,
e le bohlale ho lona!
6Jwale mamelang ha ke ikarabella,
le utlwe ha ke ipuella
ka molomo wa ka.
7Na le buella Modimo
ka ho bua bokgopo?
Na le ka mmuella
ka ho bua mashano?
8Ebe le leka ho sekamela
ka ho Modimo,
kapa le iketsa babuelli
ba hae nyeweng?
9Ha a le hoqisa ka dipotso
ho tla ba jwang?
Le tla mo soma
jwalokaha le soma motho?
10Ruri o tla fela a le kgaleme,
ha le sebetsa leeme ka lekunutu.
11Na tlotla ya hae
ha e tlo le kenya letswalo,
kgalefo ya hae
e tsubellele hodima lona?
12Maele a lona
a tshwana le molora hantle,
boitshireletso ba lona
bo tshwana le ba letsopa.
13“Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua,
se ntlhahelang
se mpe se ntlhahlele.
14Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile,
bophelo ba ka
ke bapala diketo ka bona!
15Haeba a mpolaya
ke tla nne ke mo tshepe,
ke tla buella metsamao ya ka
thaka di tadimane.
16Hona e tla ba yona pholoho ya ka:
Moetsadibe a ke ke a ema
kapele ho yena.
17Mamelang mantswe ana a ka,
le a mamele ka hloko,
polelo tsena tsa ka
le di sekehele tsebe.
18Bonang jwale,
nyewe ya ka ke e radile,
ke a tseba
ke tla fumanwa ke se molato.
19Ke mang ya ka tsekisanang le nna?
Ha a le teng ke tla kgutsa,
ke itjhwelle.
20“Oho, Modimo,
ako ntumelle ka ntho di le pedi,
mme nke ke be ka ipatela wena:
21Ako tlosetse tsoho la hao
hole le nna,
kgalefo ya hao
e se ke ya ntshosa;
22nkise kgotla ke tle ke o arabe,
o ntumelle ke bue,
le wena o nkarabe.
23Ke entse makgopo
le dibe di le kae?
Ako ntsebise tshito tsa ka
le sebe sa ka.
24Ke hobaneng
ha o mpatela fahleho sa hao,
o ntadima ke se ke le sera sa hao?
25O tla lelekisana le lehlaku,
lehlaku le feferetseha le moya,
o lelekisane le mmoko o omeletse?
26O nqosa ka tse bohloko,
o nkotlela makgopo a botjha ba ka.
27Maoto a ka
a tlamilwe ka mahlaahlela,
tselana tsa ka tsohle
o a di lekola,
bohato ba maoto a ka
o a bo thaleha.
28“Kahoo motho o motela
sa ntho e bodile,
o naphoha sa kobo
e jelwe ke tshwele.”

Currently Selected:

JOBO 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy