YouVersion Logo
Search Icon

JOBO 12

12
Jobo o re o ahlolwa ka phoso
1Jwale Jobo a araba, a re:
2“Ha ho pelaelo,
batho ke lona feela!
Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.
3Le nna ke na le kelello jwaloka lona,
etswe le hona ha le mphete ka letho;
ke mang ya sa tsebeng
dintho tsee tsohle?
4Kajeno ke fetohile sesomo
ho metswalle,
ke fetohile sesomo ke lokile,
ke se na kodi,
nna ya neng a ipiletsa ho Modimo,
a nkarabe.
5Ba iketlileng
ba nyedisa bomadimabe,
ba re ke pheletso
ya ba kgatheng la ho thella.
6Malapeng a batupi
teng ho rena kgotso,
ba phephetsang Modimo
ba phela ka boiketlo,
bao matla a bona
e leng wona modimo wa bona.
7“Ako botse diphoofolo,
tsona di tla o ruta,
nonyana tsa lehodimo
le tsona di o kaele;
8o bue le lefatshe le tle le o rupele,
le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.
9Ke efe ho tsona tsohle
e hlokang tsebo
ya hore Morena o entse tsohle
ka letsoho la hae?
10Bophelo ba sebopuwa ka seng
bo matsohong a hae
le meya ya batho bohle
e phela ka yena.
11Ha ke re tsebe
e mamela ho kgetha mantswe,
jwalokaha leleme
le kgetha dijo ka ho di latswa?
12Bohlale ba sebele
bo hahetse ho bo-raputswe,
ho phela halelele
ho fana ka kutlwisiso.
13“Empa bohlale le matla
tsona ke tsa Modimo,
ke yena monga kelello
le kutlwisiso;
14moo a heleditseng
ho ke ke ha tsoswa marako,
eo a mo kentseng tjhankaneng
a ke ke a lopollwa.
15Ha a thibela pula,
metsi a pshela ruri,
ha a nesa ya ditlwebelele,
fatshe lohle le a senyeha.
16Matla le bohlale ba sebele
ke tsa hae;
mothetsi le mothetsuwa
ba matleng a hae.
17Baeletsi o ba tlosa
ba se na le nketlana,
baahlodi bona
a ba fetole ditsheretshere!
18O lokolla mahlaahlela
a dikgosi a bohatelli,
mathekeng a tsona
a kgaole maqhama a puso;
19baprista o ba tlosa
ba se na le nketlana,
dinatla tsona a di theole
tulong tsa tsona;
20baeletsi ba mmakgonthe
a ba fetole dimumu,
maqheku wona a a amohe meelelo.
21O soma mahosana, a a teole,
a kokobetse boikalatiso
ba mahosana;
22a senole le diphiri tsa mafifing,
meriti e metsho
a e tjhabisetse lesedi.
23O hodisa ditjhaba
a be a di timetse,
a di anafatse, a be a di hasanye;
24babusi ba ditjhaba
a ba amohe meelelo,
a ba lelerise mahwatateng
ho se na tsela,
25ba phopholetse lefifing
ho se lesedi,
a ba thekesedise
sa mahlena a bo habotse.”

Currently Selected:

JOBO 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy