YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 2

2
Mokete wa lenyalo, Kana
1Ka tsatsi la boraro ho ne ho ena le mokete wa lenyalo Kana e Galelea, mme mma Jesu o ne a le teng. 2Jesu le barutuwa ba hae le bona ba ne ba memetswe lenyalong. 3Ha veine e fedile, mma Jesu a re ho yena: “Ha ba na veine.”
4Jesu a re ho yena: “Mme, hoo ho re ama kang, rona le wena? Nako ya ka ha e eso fihle.”
5Mmae a re ho basebeletsi: “Eng le eng eo a le bolellang yona, le e etse.”
6Jwale dinkgo tse tsheletseng, tsa lejwe, tseo e nngwe le e nngwe ya tsona e neng e tlatswa ka dilethara tse ka bang lekgolo, di ne di beilwe moo ho ya ka moetlo wa tlhwekiso wa Bajuda.
7Jesu a re ho bona: “Tlatsang dinkgo ka metsi.” Ba di tlatsa tswete!
8A re ho bona: “Kgang jwale, mme le isetse motsamaisi wa mokete.”
Ba mo isetsa. 9Ha motsamaisi wa mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho mpa ho tseba basebeletsi ba kgileng metsi, motsamaisi a bitsa monyadi, 10a re ho yena: “Batho bohle ba ye ba qale ka veine e monate pele, mme ha bamemuwa ba se ba nwele, ba tlise e mpe; wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.”
11Mohlolo ona wa pele Jesu o o entse Kana e Galelea, a bonahatsa tlotla ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.
12Kamora moo, yena le mmae le bana babo le barutuwa ba hae, ba theohela Kaperenauma, ba hlola teng matsatsi a se makae.
Tlhwekiso ya Tempele
(Mat. 21:12,13; Mar. 11:15-17; Luka 19:45,46)
13Paseka ya Bajuda e ne e le haufi, mme Jesu a nyolohela Jerusalema. 14Ka Tempeleng a fumana ba rekisang dikgomo, le dinku, le maeba, le baananyi ba ditjhelete ba dutse. 15Hoba a etse sephadi ka dikgwele, a ba phahla bohle ka Tempeleng, le dinku, le dikgomo; a qhala ditjhelete tsa baananyi, mme a phethola ditafole tsa bona, 16a re ho ba rekisang maeba: “Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!”
17Barutuwa ba hae ba hopola hore ho ngotswe, ho thwe: “Ho tjhesehela ntlo ya hao ho ntjele.”
18Jwale Bajuda ba re ho yena: “O re bontsha mohlolo ofe, ha e le moo o etsa tsee?”
19Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”
20Yaba Bajuda ba re: “Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, empa wena o re o tla e tsosa ka matsatsi a mararo?” 21Feela yena o ne a bua ka tempele eo e leng mmele wa hae. 22Jwale ha a tsohile bafung, barutuwa ba hae ba hopola hore o ne a rialo, mme ba dumela Mangolo le boporofeta boo Jesu a bo boletseng.
Jesu o tseba batho bohle
23Ha a le Jerusalema moketeng wa Paseka, ba bangata ba dumela ho yena, ha ba bona mehlolo eo a e etsang. 24Empa Jesu o ne a sa ba tshepe, hobane a tseba batho bohle, 25le kahobane a ne a sa hloke ho bolellwa letho ka motho; kaha a ne a tseba se ka ho motho.

Currently Selected:

JOHANNE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy