YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 19

19
1Ya eba moo Pilato a nkang Jesu, a mo shapa. 2Bahlabani ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo apesa kobo e perese, 3ba nto tla ho yena, ba re: “Ahe, kgosi ya Bajuda!” mme ba mo jabela.
4Pilato a tswela kantle hape, mme a re ho Bajuda: “Bonang, ke mo tlisa ho lona kantle, le tle le tsebe hore ha ke fumane molato ho yena.” 5Yaba Jesu o tswela kantle, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo e perese. Pilato a re ho bona: “Motho wa lona ke eo!”
6Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!”
Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!”
7Bajuda ba mo araba, ba re: “Re na le molao, mme ho ya ka molao eka kgona a shwe, kahobane o ikentse Mora wa Modimo.”
8Yare ha Pilato a utlwa polelo eo, a tshoha haholo. 9A kena ka tlung ya bobusisi hape, a re ho Jesu: “O tswa kae?” Empa Jesu a se ke a mo araba. 10Pilato a re ho yena: “O hana ho bua le nna? Ha o tsebe hore ke na le matla a ho o lokolla, le matla a ho o thakgisa?”
11Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”
12Ho tloha moo Pilato a batla ho mo lokolla, empa Bajuda ba howa, ba re: “Ha o lokolla motho enwa, ha o motswalle wa Sesare; e mong le e mong ya iketsang kgosi o hanyetsa Sesare.”
13Ha Pilato a utlwa mantswe ana, a ntshetsa Jesu kantle, a dula setulong sa boahlodi sebakeng se bitswang Matlapeng, ka Seheberu ke Gabata. 14E ne e le letsatsi la tlhekelo ya Paseka, e ka ba hara mpa ya motsheare.
A re ho Bajuda: “Ke eo kgosi ya lona!”
15Bao ba howa, ba re: “Mmolaye! Mmolaye! Mo thakgise!”
Pilato a re ho bona: “Ke thakgise kgosi ya lona?”
Baprista ba baholo ba araba, ba re: “Ha re na kgosi haese Sesare.”
16Ya eba moo a ba neelang yena hore a thakgiswe.
Jesu o a thakgiswa
(Mat. 27:32-44; Mar. 15:21-32; Luka 23:26-43)
Yaba ba nka Jesu. 17A tsamaya a jere sefapano, a ya sebakeng se bitswang Lehata. Ka Seheberu se bitswa Gologotha. 18Ba mo thakgisa teng hammoho le ba bang ba babedi, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane, Jesu a le hare.
19Pilato a ngola le lengolo, a le maneha hodima sefapano. Ho ne ho ngotswe, ho thwe: JESU WA NASARETHA, KGOSI YA BAJUDA. 20Bajuda ba bangata ba bala lengolo leo, hobane sebaka seo Jesu a neng a thakgiseditswe ho sona se ne se le haufi le motse, mme le ne le ngotswe ka Seheberu, le ka Selatine, le ka Segerike. 21Jwale baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: “Se ngole ‘Kgosi ya Bajuda’, empa ngola hore: ‘O itse ke nna kgosi ya Bajuda’.”
22Pilato a araba, a re: “Seo ke se ngotseng, ke se ngotse.”
23Hoba bahlabani ba thakgise Jesu, ba nka diaparo tsa hae, ba di arola karolo tse nne, mohlabani ka mong a fumana karolo. Ha e le seaparo sa kahare se ne se se na moroko, se lohilwe hohle ho tloha hodimo.
24Jwale ba buisana, ba re: “A re se keng ra e tabola, empa a re e laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na e tla ba ya mang;” e le hore ho tle ho phethahale Mangolo a reng:
“Ba arolelane diaparo tsa ka,
ba loala aparo sa ka ka lotho.”
Bahlabani ba fela ba etsa jwalo.
25Haufi le sefapano sa Jesu ho ne ho eme mmae, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Keleopase, le Maria wa Magadala. 26Ha Jesu a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang, ba eme moo, a re ho mmae: “Mme, mora wa hao ke eo.” 27A nto re ho morutuwa: “Mmao ke eo.” Ho tloha nakong eo morutuwa a mo nkela ha hae.
Lefu la Jesu
(Mat. 27:45-56; Mar. 15:33-42; Luka 23:44-49)
28Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale. 29Ho ne ho ena le nkgo e tletseng asene; ba tlamella semonyametsi se tletseng asene leqaleng, ba se isa molomong wa hae. 30Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.
Jesu o hlajwa lehlakoreng
31Erekaha e ne e le letsatsi la tlhekelo, Bajuda ba kopa Pilato hore ho rojwe meomo ya ba thakgisitsweng, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala sefapanong ka Sabatha, hobane letsatsi la Sabatha seo le ne le le leholo. 32Jwale bahlabani ba tla; ba roba meomo ya wa pele, le ya e mong wa ba thakgisitsweng le Jesu, 33empa ha ba etla ho Jesu, mme ba bona hore o se a shwele, ba se ke ba roba meomo ya hae, 34empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakoreng ka lerumo la hae, mme hanghang ha tswa madi le metsi. 35Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme yena eo o tseba hore o bolela nnete, hore le lona le dumele. 36Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.” 37Temana e nngwe hape e re: “Ba tla tadima eo ba mo hlabileng.”
Kepelo ya Jesu
(Mat. 27:51-61; Mar. 15:42-47; Luka 23:50-56)
38Kamora tsena, Josefa wa Arimathea, eo e neng e le morutuwa wa Jesu ka lekunutu ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa Pilato ho mo dumella ho nka setopo sa Jesu, mme Pilato a dumela. Jwale a tla, a nka setopo sa hae. 39Le Nikodema, yena ya neng a tle ho Jesu pele, bosiu, a tla a nkile motswako wa mmira le makgala o ka bang boima ba dikilo tse mashome a mararo. 40Ba nka setopo sa Jesu, ba se thatella hammoho le dinoko ka masela, jwalokaha e le moetlo wa Bajuda wa ho epela. 41Sebakeng seo a thakgisitsweng ho sona ho ne ho ena le serapa, mme serapeng ho ena le lebitla le letjha, leo ho neng ho eso ka ho epelwa motho ka ho lona; 42yaba ba epela Jesu teng ka baka la tlhekelo ya Bajuda, hobane lebitla leo le ne le le haufi.

Currently Selected:

JOHANNE 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy