YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 44

44
Molaetsa wa Morena o yang ho Baiseraele ba Egepeta
1Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia malebana le Bajuda bohle ba ahileng naheng ya Egepeta, e leng ba ahileng Migedole le Tahepanehese le Nofa, naheng ya Patarose, la re: 2“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le bone koduwa e kgolo eo ke e dihetseng hodima Jerusalema le metse yohle ya Juda. Kajeno le a bona hore e fetohile lesupi, mme ha ho motho ya ahileng ho yona. 3Ke ka lebaka la bokgopo boo baahi ba yona ba bo entseng, ba nkgalefisa ka ho tjhesetsa medimo esele mokubetso, le ho sebeletsa medimo eo, eo bona kapa lona kapa bo-ntata lona ba sa kang ba e tseba. 4Leha ho le jwalo ke nnile ka romela bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka re: ‘Oho, se etseng manyala ana ao ke a hloileng!’ 5Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha ditsebe tsa bona, hore ba furalle bokgopo boo ba bona, ba ho tjhesetsa medimo esele mokubetso. 6Kahoo bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa tlokoma hara metse ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, metse eo ya senyeha, ya fetoha masupi jwalokaha ho le jwalo le kajeno.
7“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ka baka lang ha le itlisetsa koduwa e kaalekaale? Ke ka baka lang ha le ipolaela banna le basadi le bana ba lona ba masea naheng ee ya Juda, le sa itshiele le masalla feela? 8Keng ha le nkgalefisa ka mesebetsi eo le e etsang ya ho tjhesetsa medimo esele mokubetso naheng ee ya Egepeta eo le tlileng ho jaka ho yona, hore le tle le timetswe, le rohakehe, le nyedisehe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe? 9Na le se le lebetse bokgopo ba bo-ntata lona, le bokgopo ba dikgosi tsa Juda, le bokgopo ba basadi ba bona, le bokgopo ba lona le bokgopo ba basadi ba lona, boo ba bo entseng naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? 10Ha ba eso ikokobetse ho fihlela le kajeno; le ho tshaba ha ba eso ka ba tshaba, leha e le ho ya ka melao ya ka le ka ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, ka di beela le bo-ntata lona.
11“Ka baka lena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsebang hore ke rerile ho le tlisetsa koduwa le ho timetsa Juda yohle. 12Ke tla nka Bajuda ba masalla, ba ngangeletseng ho ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng. Kaofela ha bona ba tla timetswa, ba shwele naheng ya Egepeta. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto; ba tla shwa bohle ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba bolawe ka sabole, ba bolawe ke sekoboto. Ba tla nyediswa, e be sesomo, ba rohakehe, ba nyefolwe. 13Ba ahileng Egepeta ke tla ba otla ka sabole le ka sekoboto le ka lefu la sewa, jwalokaha ke ile ka otla Jerusalema. 14Ha ho le ya mong wa masalla a Juda a ileng a ya Egepeta ho ya jaka teng ya tla phonyoha kapa a phele, hore a tle a kgutlele naheng ya Juda, eo ba labalabelang ho kgutlela ho yona ho ya aha ho yona. Ha ho le ya mong ya tla kgutlela ho yona, haese feela mahlatsipa a ka phonyohang.”
15Jwale banna bohle ba neng ba tseba hore basadi ba bona ba ile ba tjhesetsa medimo esele mokubetso, le basadi bohle ba neng ba le moo, e le letshwelehadi, e leng batho bohle ba neng ba ahile Patarose, naheng ya Egepeta, ba re ho Jeremia: 16“Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena! 17Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho. 18Empa haesale re kgaotsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino, re ile ra hloka dintho tsohle, ra bolawa ka sabole, ra bolawa ke sekoboto.”
19Yaba basadi ba re: “Ha re ne re tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, re mo etsetsa nyehelo ya dino, banna ba rona ba ne ba tseba hore re etsa dikuku tse nang le setshwano sa hae, re mo etsetsa le nyehelo ya dino!”
20Jwale Jeremia a re ho batho bohle, banna le basadi, le ho batho bohle ba neng ba ile ba mo araba: 21“Ha ke re mokubetso oo lona le bo-ntata lona, le mahosana a lona, le setjhaba sohle sa naha, oo le ileng la o tjhesetsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke wona oo Morena a ileng a o hopola, mme a o nahana? 22Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno. 23Kahobane le ile la tjhesa mokubetso, la sitelwa Morena, la se ka le mamela lentswe la hae, la se ke la ya ka molao wa hae, kapa ka ditaelo tsa hae, kapa ka dikeletso tsa hae, le wetswe ke koduwa ena hodimo, jwalokaha le bona.”
24Jeremia a re ho setjhaba, haholoholo ho basadi: “Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ya Egepeta; 25Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lona le basadi ba lona le buile ka melomo ya lona, la ba la phethahatsa ka matsoho a lona, la re: ‘Ruri re tla phetha dikano tseo re di entseng, e leng tsa ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, le ho mo etsetsa nyehelo ya dino.’ Jwale he, bolokang ditshepiso tseo tsa lona, le phethahatse le dikano tseo tsa lona!
26“Kahoo lona bohle ba morabe wa Juda ba ahileng naheng ya Egepeta, utlwang lentswe la Morena: Tsebang hore ke ikanne ka lebitso la ka le leholo, ho rialo Morena, hore ha ho motho wa morabe wa Juda ya naheng yohle ya Egepeta ya sa tla hlola a bitsa lebitso la ka, a re: ‘Ka Morena Modimo ya phelang!’ 27Bonang, ho ba hlokomela ha ka, e tla ba ho ba tlisetsang bobe, e seng botle. Banna bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ena ya Egepeta, ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, ho fihlela ba felella bohle. 28Empa ba mmalwana, ba tlang ho phonyoha, ba tla tswa naheng ya Egepeta, ba kgutlele naheng ya Juda, mme masalla a Juda, a ileng a ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng, a tla tseba hore na ha e le lentswe la ka kapa lentswe la bona, ke lefe leo e leng nnete.
29“Morena o re: ‘Seo e tla ba pontsho ho lona ke hore ke tla le otlela hona sebakeng sena, le tle le tsebe hore mantswe a ka a ho le dihela koduwa a a phethahala.’ 30Morena o bua tjena: ‘Bonang, ke tla neelana ka Faro Hofera, kgosi ya Egepeta, matsohong a dira tsa hae, le matsohong a ba batlang ho mmolaya, jwalokaha ke ile ka neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, sera sa hae se neng se rata ho mmolaya.’ ”

Currently Selected:

JEREMIA 44: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy