YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 34

34
Molaetsa o yang ho Sedekiya
1Nakong eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a futuhetse Jerusalema le metse yohle e e potapotileng, a ena le mabotho wohle a hae le mebuso yohle ya lefatshe e neng e le tlasa puso ya hae, le ditjhaba tsohle, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:
2“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Tsamaya o yo bua le Sedekiya, kgosi ya Juda, o mmolelle, o re: Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o tjhesa ka mollo. 3Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona.
4“ ‘Empa wena Sedekiya, kgosi ya Juda, mamela lentswe la Morena. Morena o bua ho wena: Ha o ka ke wa bolawa ka sabole, 5empa o tla itjhwella ka kgotso. Jwalokaha setjhaba se ne se besetse bo-ntataomoholo, e leng dikgosi tsa boholoholo tse bileng teng pele ho wena, mollo wa bofifi, le wena se tla o besetsa mollo o jwalo, se o llele, se re: “Oho, morena wa rona!” Ke nna ya buang jwalo, ho rialo Morena.’ ”
6Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema. 7E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng.
Makgoba a etsetswa bolotsana
8Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia le etswa ho Morena, kamora hoba kgosi Sedekiya a etse selekane le setjhaba sohle se neng se le Jerusalema, e leng selekane sa hore ho phatlalletswe makgoba tokoloho. 9Eka kgona motho ka mong a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, leo e leng Moheberu, e le hore ho se be le ya mong ya ka sebeletswang ke lekgoba la Mojuda eo e leng ngwanabo. 10Ha mahosana wohle le batho bohle ba neng ba entse selekane, ba utlwa hore motho ka mong eka kgona a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, hore a se hlole a ba sebeletsa, ba a lokolla. 11Empa hamorao ba kweneha, ba etsa hore makgoba le makgabunyane a neng a se a lokolotswe, a kgutle, e be makgoba le makgabunyane hape.
12Ka baka leo, lentswe le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re: 13“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ne ke etse selekane le bo-ntata lona moholo mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta, bokgobeng, ka re: 14‘Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng,’ empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona. 15Lona le ile la sokoloha, la etsa ho lokileng mahlong a ka ha motho ka mong a ne a phatlalletsa mohahabo tokoloho. Hape le ne le entse selekane moo ke leng teng, kahare ho Tempele e bitswang ka lebitso la ka. 16Empa le ile la kweneha, la silafatsa lebitso la ka, motho ka mong a kgutlisetsa lekgoba la hae le lekgabunyane la hae bokgobeng boo le neng le se le lokolotswe ho bona, hore e boele e be makgoba le makgabunyane a lona.
17“Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye. 18Batho ba sentseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha dipallo tsa selekane seo ba neng ba se etse moo ke leng teng, ke tla ba etsisa namane eo ba neng ba e kgekgethe, ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya yona. 19Ba ileng ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya namane, ke mahosana a Juda le mahosana a Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba sohle sa naha ena. 20Ruri ke tla neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha.
21“Ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya, e leng matsohong a bahlabani ba kgosi ya Babilona ba ileng ba kokotoloha, ba kgutlela hae. 22Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.”

Currently Selected:

JEREMIA 34: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy