YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 33

33
Tshepiso ya hore Baiseraele ba tla kgutliswa
1Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia kgetlo la bobedi, ha a ntse a kwaletswe ka lebaleng la tjhankana, la re: 2“Morena ya entseng lefatshe, ya le bopileng a ba a le tsitsisa, eo lebitso la hae e leng Morena, o bua tjena: 3‘Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.’ 4Modimo wa Iseraele o bua tjena ka matlo a motse ona, le ka matlo a dikgosi tsa Juda, a tla heletswa hore ho hahwe lerako le thibelang ba futuhetseng motse ona ka disabole, 5e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle.
6“Leha ho le jwalo ke tla tlisetsa motse ona bophelo le pheko. Ke tla fodisa setjhaba sa ka, ke etse hore se phele ka kgotso le ka boiketlo. 7Ke tla etsa hore bathopuwa ba Juda le bathopuwa ba Jerusalema ba kgutle, ke ba tsitsise jwaloka pele. 8Ke tla hlakola makgopo wohle a bona, ao ba ntshitetsweng ka wona, ke ba tshwarele dibe tsohle tseo ba di entseng, mme ba ntshitelwa ka tsona. 9Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.
10“Morena o bua tjena: Naheng ena eo lona le reng: ‘Ke nanaola, ha ho na batho, ha ho na diphoofolo ho yona,’ le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tseo e leng dithako, moo ho seng batho kapa baahi, leha e le tsona diphoofolo, 11ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re:
“ ‘Lebohang Morena wa mabotho,
hobane Morena o lokile,
mohau wa hae
ke wa kamehla yohle,’
“hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.
12“Morena wa mabotho a bua tjena: Naheng ena eo e leng nanaola, e se nang batho leha e le diphoofolo, le metseng yohle ya yona, ho tla boela ho eba le metebo, moo badisa ba tla bothisa mehlape ya bona teng. 13Metseng e dithabeng, le metseng e dikgohlong, le metseng e ka Borwa, le naheng ya Benjamine, le metseng e mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, badisa ba sa tla boela ba bala mehlape ya bona,” ho rialo Morena.
14“Bonang, matsatsi a a tla, ao ka wona ke tla phethahatsa ditshepiso tse molemo, tseo ke di etseditseng ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda,” ho rialo Morena.
15“Matsatsing ao le nakong eo, ke tla etsa hore Lekala la ho loka le hlome mothapong wa Davida, mme Lekala leo le tla ahlola ka toka le ka nepo lefatsheng. 16Matsatsing ao setjhaba sa Juda se tla pholoswa, Jerusalema le yona e phele ka kgotso. Lena ke lona lebitso leo Jerusalema e tlang ho bitswa ka lona: Morena ke toka ya rona.
17“Morena o bua tjena: Davida a ke ke a hloka ya tla mo hlahlama bokgosing ba Iseraele, 18le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”
19Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: 20“Morena o bua tjena: Ha o ka wa senya selekane seo ke se entseng le letsatsi, kapa wa senya selekane seo ke se entseng le bosiu, hore letsatsi le bosiu di se hlole di eba teng ka nako ya tsona, 21le selekane seo ke se entseng le Davida, mohlanka wa ka, le selekane seo ke se entseng le baprista ba Balevi ba ntshebeletsang, se ka senngwa, le Davida a ka hloka mohlahlami setulong sa hae sa bokgosi. 22Jwalokaha dinaledi tsa lehodimo di ke ke tsa balwa, le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ka mokgwa o jwalo ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, ke atise le palo ya Balevi ba ntshebeletsang.”
23Lentswe la Morena la boela la fihla ho Jeremia, la re: 24“Na ha o eso lemohe seo batho baa ba se buileng, ba re: ‘Morena o boetse o lahlile malapa a mabedi ao a neng a a kgethile e leng Iseraele le Juda?’ Ka baka leo, ba nyedisitse setjhaba sa ka, hore ba se hlole ba se tadima e le setjhaba. 25Morena o bua tjena: Haeba ke ne ke sa etsa selekane le letsatsi, ke sa etsa selekane le bosiu, eba ke ne ke sa etsa melao e busang lehodimo le lefatshe, 26ke ne ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, mme ke ne ke sa tlo kgetha e mong wa bara ba hae ho busa ditloholo tsa Aborahama le tsa Isaka le tsa Jakobo. Ke tla kgutlisa bathopuwa bothopuweng ba bona, ke boele ke ba hauhele.”

Currently Selected:

JEREMIA 33: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy