YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 32

32
Jeremia o reka tshimo
1Ka selemo sa leshome sa puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Nebukadenesare, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia. 2Ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a ne a etseditse Jerusalema thibella, mme moporofeta Jeremia o na kwaletswe ka lebaleng la tjhankana e neng e le ka tlung ya kgosi ya Juda.
3Sedekiya, kgosi ya Juda, o na mo kwaletse, a re: “Ke ka baka lang ha o porofeta, o re: ‘Morena o bua tjena: Bona, ke tla neelana ka motse ona matsohong a kgosi ya Babilona, mme e tla o hapa? 4Sedekiya, kgosi ya Juda, a ke ke a phonyoha matsohong a Bakalatiya, empa ho tla neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Babilona. O tla buisana le yona ba tadimane. 5E tla isa Sedekiya kwana Babilona, mme o tla hlola moo ho fihlela ke mo etela,’ ho rialo Morena. ‘Leha o ka lwana le Bakalatiya ha o ka ke wa atleha.’ ”
6Jeremia a re: “Lentswe la Morena le ile la fihla ho nna, la re: 7‘Bona, Hanamele, mora wa rangwanao Shalome, o tla fihla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anatote, hobane o na le tokelo ya ho ithekela yona.’
8“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’
“Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena. 9Ka reka tshimo ya Hanamele, mora wa rangwane, e neng e le Anatote, mme ka mo lefa ka silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi. 10Ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka bitsa le dipaki, yaba ke bea tjhelete sekaleng. 11Yaba ke nka lengolo leo la theko, le neng le tiisitswe ho ya ka molao le ka moetlo, hammoho le lengolo le neng le sa kwalwa. 12Ka nea Baruke, morwa wa Neriya, setloholo sa Maasiya, lengolo la theko moo mora wa rangwane, Hanamele, a leng teng, le moo dipaki tse ingotseng mabitso a tsona lengolong la theko di leng teng, le moo Bajuda bohle ba neng ba dutse ka lebaleng la tjhankana ba ntseng ba bona.
13“Yaba ke laela Baruke moo ba ntseng ba utlwa, ke re: 14‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nka mangolo ana a mabedi a theko, e leng le tiisitsweng le le sa kwalwang, o a boloke ka nkgong ya letsopa, hore a tle a bolokehe nako e telele. 15Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Matlo le masimo le dirapa tsa morara, tsena di tla boela di rekwa naheng ena.’ ”
Thapelo ya Jeremia
16“Yare hoba ke neelane ka lengolo la theko matsohong a Baruke, mora wa Neriya, ka rapela Morena, ka re:
17“Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang. 18O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao. 19Merero ya hao e meholo, diketso tsa hao di matla. Mahlo a hao a bona diketso tsohle tsa batho, mme o putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae, le ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae. 20O entse dipontsho le mehlolo naheng ya Egepeta, le kajeno tsena o ntse o di etsa naheng ya Iseraele le hara ditjhaba tse ding, mme o tumisitse lebitso la hao ho fihlela kajeno. 21O ile wa ntsha setjhaba sa hao sa Iseraele naheng ya Egepeta ka dipontsho le ka mehlolo, le ka letsoho le matla le otlolohileng le ka ho tshabeha ho hoholo, 22wa se nea naha ena, eo o neng o hlapanyetse bo-ntata sona hore o tla ba nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. 23Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.
24“Bonang, ho se ho hahilwe marako a etsetsang motse ona thibella, hore o tle o haptjwe. Ho se ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya ba o futuhetseng, mme ka baka la sabole sekoboto le lefu la sewa, o tla wela matsohong a bona. Seo o ileng wa se bolela se phethahetse, mme le wena o a se bona. 25Empa wena Morena Modimo, o itse ho nna: ‘Ithekele tshimo ena ka tjhelete, o bitse le dipaki,’ feela ke mona ho neelanwe ka motse ona matsohong a Bakalatiya.”
26Jwale lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: 27“Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang? 28Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: Ke tla neelana ka motse ona matsohong a Bakalatiya, le matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme o tla o hapa. 29Bakalatiya ba futuhetseng motse ona, ba tla fihla ba o tjhese ka mollo, hammoho le matlo ao beng ba wona ba nkgalefisitseng ka ho tjhesetsa Baale mokubetso hodima marulelo a matlo ao a bona, le ka ho etsetsa medimo esele nyehelo ya dino.
30“Bana ba Iseraele le bana ba Juda ba entse bobe feela mahlong a ka ho tloha botjheng ba bona. Bana ba Iseraele ba nkgalefisitse ka mosebetsi wa matsoho a bona,” ho rialo Morena. 31“Ho tloha mohla ba hahang motse ona ho fihlela kajeno, haesale motse ona o mphephetsa hore ke halefe, ke lolome ke bohale, mme jwale ke rerile ho o timetsa; 32ka baka la bokgopo ba bana ba Iseraele le ba bana ba Juda, boo ba bo entseng hore ba nkgalefise, bona le dikgosi tsa bona, le babusi ba bona, le baprista ba bona, le baporofeta ba bona, le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema. 33Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di a sheba ka ho nna. Le hoja ke nnile ka ba ruta ka makgetlokgetlo, ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa ka. 34Ba ile ba bea medimo ya bona e nyonyehang ka Tempeleng e bitswang ka lebitso la ka, mme ba e silafatsa. 35Hape ba ile ba hahela Baale dibaka tsa borapedi ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, moo ba tla etsetsa Moloke sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba bona, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa hona ho e nahana, ya ho etsa manyala ana, hore Bajuda ba etse sebe.”
Baiseraele ba tshepiswa tse molemo
36“Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ka motse ona, oo ha o bua ka wona o reng: ‘Motse ona o tla newa kgosi ya Babilona ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.’ 37Empa bona, ke tla phutha setjhaba sena dinaheng tsohle tseo ke neng ke se lelekele ho tsona, ha ke ne ke halefile, ke loloma ke bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. Ke tla se kgutlisetsa hape sebakeng sena, ke etse hore se phele ho sona ka kgotso. 38E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa sona. 39Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo. 40Ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le setjhaba sena, e leng selekane sa hore ha nka ke ka kgaotsa ho se etsetsa tse molemo. Ke tla etsa hore se ntshabe ka dipelo tsa sona tsohle, e le hore se se hlole se mphuralla. 41Ke tla thabiswa ke ho se etsetsa tse molemo. Ke tla se tsitsisa naheng ena ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.
42“Morena o bua tjena: Jwalokaha ke ile ka dihela setjhaba sena koduwa ena yohle, ka mokgwa o jwalo ke tla se tlisetsa tsohle tse molemo, tseo ke se tshepisitseng tsona. 43Naheng ena eo lona le reng ‘ke nanaola, ha ho na batho kapa diphoofolo, ho se ho neelanwe ka yona matsohong a Bakalatiya,’ ho tla rekwa masimo. 44Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.”

Currently Selected:

JEREMIA 32: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy