YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 28

28
Hananiya, moporofeta wa bohata
1Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bone sa ho qaleha ha puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, ka sona selemo seo, Hananiya, mora wa moporofeta Asure, ya neng a etswa Gibeone, a bua ho nna re le ka Tempeleng ya Morena, moo ho leng teng baprista le setjhaba sohle, a re: 2“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena, o re: ‘Ke robile joko ya kgosi ya Babilona! 3Ho eso fete dilemo tse pedi, thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e nke mona, a e isa Babilona, ke tla e kgutlisetsa hape sebakeng sena. 4Le Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, ke tla mo kgutlisetsa mona hape, hammoho le bathopuwa bohle ba Juda ba neng ba iswe Babilona, hobane ke tla roba joko ya kgosi ya Babilona,’ ” ho rialo Morena.
5Jwale moporofeta Jeremia, moo baprista le setjhaba sohle se neng se eme ka Tempeleng ya Morena se ntseng se le teng, a araba moporofeta Hananiya. 6Moporofeta Jeremia a re: “A ho be jwalo! Morena a ke a etse jwalo! Morena a phethahatse mantswe a hao, ao o a porofetileng; a ke a kgutlise thepa ya Tempele ya Morena, le bohle ba ileng ba thopuwa, ba kgutle Babilona, ba tle kwano. 7Leha ho le jwalo, mamela lentswe lena leo ke le buang ditsebeng tsa hao, le ditsebeng tsa setjhaba sena sohle. 8Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa. 9Ha mantswe a moporofeta ya porofetang kgotso a phethahala, ho tla tsejwa hore moporofeta eo o ne a fela a ronngwe ke Morena.”
10Jwale moporofeta Hananiya a nka joko e neng e le molaleng wa moporofeta Jeremia, a e roba. 11Hananiya a bua moo setjhaba sohle se ntseng se le teng, a re: “Morena o bua tjena: ‘Ho eso fete dilemo tse pedi, joko ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, e melaleng ya ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka wona mokgwa ona.’ ” Yaba moporofeta Jeremia o a itsamaela.
12Hoba moporofeta Hananiya a robe joko e neng e le molaleng wa moporofeta Jeremia, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: 13“Tsamaya o yo bolella Hananiya, o re: ‘Morena o bua tjena: O robile joko ya lehong, empa bakeng sa yona ba tla fumana joko ya tshepe. 14Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke beile joko ya tshepe hodima melala ya ditjhaba tsena tsohle, hore di tle di sebeletse Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Di tla mo sebeletsa, mme ke bile ke mo neile le diphoofolo tsa naha.’ ”
15Jwale moporofeta Jeremia a re ho moporofeta Hananiya: “Mamela mona, wena Hananiya! Morena ha a ya o roma, empa wena o etsa hore setjhaba sena se tshepe leshano! 16Ka baka lena, Morena o bua tjena: ‘Ke tla o fedisa lefatsheng mona! Ka sona selemo sena o tla shwa, hobane o rutile setjhaba ho kwenehela Morena!’ ”
17Yaba Hananiya o shwa ka kgwedi ya bosupa ya sona selemo seo.

Currently Selected:

JEREMIA 28: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy