YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 27

27
Juda e tla sebeletsa Nebukadenesare
1Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: 2Morena o bua tjena ho nna: “Iketsetse marapo le dijoko, o di tlamelle molaleng wa hao. 3Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda. 4O laele maqosa ao hore a tle a re ho beng ba wona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bolellang beng ba lona, le re: 5Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona. 6Jwale dinaha tsena tsohle ke di neile mohlanka wa ka, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; ke bile ke mo neile le diphoofolo tsohle tsa naha hore di mo sebeletse. 7Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, di sebeletse le mora wa hae le setloholo sa hae, ho fihlela nako e baletsweng naha ya hae e fihla, ebe jwale ditjhaba tse ngata, le dikgosi tse matla, di mo sebedisa kamoo di ratang kateng.
8“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena. 9‘Ka baka leo, lona le se ke la mamela baporofeta ba lona, kapa dinohe tsa lona, kapa mathuela a lona, kapa baupi ba lona, kapa baloi ba lona, ba reng ho lona: Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona. 10Ba le porofetela leshano, hore le tle le iswe hole le naha ya lona, nna ke tle ke le leleke, ebe le a timela. 11Empa setjhaba se tla diha molala wa sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, se e sebeletse, sona ke tla se tlohela se nne se be naheng ya sona, se e leme, se phele ho yona,’ ho rialo Morena.”
12Le ho Sedekiya, kgosi ya Juda, ka bua wona mantswe ana wohle, ka re: “Dihang melala ya lona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, le e sebeletse, le tle le phele. 13Ke ka baka lang ha wena le setjhaba sa hao le rata ho bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, jwalokaha Morena a boletse malebana le setjhaba se sa tlo sebeletsa kgosi ya Babilona? 14Ka baka leo, le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano. 15Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.”
16Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: ‘Bonang, haufinyane thepa ya Tempele ya Morena e tla kgutliswa Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano. 17Le se ke la ba mamela; le sebeletse kgosi ya Babilona, le tle le phele. Ke ka baka lang ha le rata hore motse oo o tle o fetohe lesupi? 18Empa haeba e le baporofeta, mme eba mantswe a bona ke a Morena, a ba ke ba rapele Morena wa mabotho hona jwale, hore thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema, e se ke ya iswa Babilona.
19“Morena wa mabotho o bua tjena malebana le ditshiya le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona le ditshehetso le thepa e setseng motseng ona, 20eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a sa kang a e nka ha a ne a thopa Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, a mo thopa Jerusalema, a mo isa Babilona, le mahosana wohle a Juda le Jerusalema; 21e, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema: 22‘E tla nkwa, e iswe Babilona, mme e tla ba moo ho fihlela letsatsi leo ke tla e lata ka lona,’ ho rialo Morena, ‘mme mohlang oo ke tla nyoloha le yona, ke e kgutlisetse sebakeng sena.’ ”

Currently Selected:

JEREMIA 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy