YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 26

26
Jeremia o a qoswa
1Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re: 2“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela. 3Mohlomong ba tla mamela, motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, ebe ke a hauha, ke thibela koduwa eo ke neng ke rerile ho ba dihela yona hodimo, ka baka la diketso tsa bona tse kgopo. 4O ba bolelle, o re: ‘Morena o bua tjena: Haeba le sa mmamele, le sa latele melao ya ka eo ke le beetseng yona; 5haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela; 6nna ke tla etsa hore Tempele ena e tshwane le Shilo, motse ona o rohakehe mahlong a ditjhaba tsohle tsa lefatshe.’ ”
7Yaba baprista le baporofeta, mmoho le setjhaba sohle, ba utlwa Jeremia ha a bua mantswe ana a le ka Tempeleng ya Morena. 8Ha Jeremia a qetile ho bua tsohle tseo Morena a neng a mo laetse tsona hore a di bue ho setjhaba sohle, baprista le baporofeta mmoho le setjhaba sohle, ba mo tshwara, ba re: “Ruri o tlameha ho bolawa! 9Ke ka baka lang ha o porofeta ka lebitso la Morena, o re: ‘Tempele ena e tla tshwana le Shilo, motse ona o tla fetoha lesupi, o hloke baahi?’ ” Yaba setjhaba sohle se bokanela Jeremia ka Tempeleng ya Morena.
10Ha mahosana a Juda a utlwa tsena, a nyoloha tlung ya kgosi, a ya Tempeleng ya Morena, a fihla a dula lebaleng la Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. 11Jwale baprista le baporofeta ba bua ho mahosana le ho setjhaba sohle, ba re: “Motho enwa o tlameha ho ahlolelwa lefu, hobane o porofetetse motse ona timelo, jwalokaha le ikutlwetse ka ditsebe tsa lona!”
12Yaba Jeremia o bua ho mahosana wohle le ho setjhaba sohle, o re: “Morena o nthomme hore ke porofetele Tempele ena le motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng. 13Ka baka lena, fetolang mekgwa ya lona, le diketso tsa lona, le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, mme Morena o tla hauha, a se ke a le tlisetsa koduwa eo a le reretseng yona. 14Ha e le nna ke matsohong a lona: Etsang ka nna seo lona le bonang se le molemo, mme se lokela. 15Feela le tsebe hore haeba le ka fela la mpolaya, lona, le baahi ba motse ona, le tla ba molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane ruri Morena o nthomme ho lona, hore ke tlo bua mantswe ana wohle moo le ntseng le utlwa.”
16Yaba mahosana, mmoho le setjhaba sohle, a re ho baprista le ho baporofeta: “Motho enwa ha a lokele ho ahlolelwa lefu, hobane o buile ho rona ka lebitso la Morena Modimo wa rona!”
17Jwale ba bang ba baholo ba naha eo ba ema, ba bua le setjhaba sohle se phuthehileng, ba re: 18“Mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda, Mmika wa Moreshete a na a porofeta, a bolella setjhaba sohle sa Juda, a re: ‘Morena wa mabotho o bua tjena:
“ ‘Sione e tla lengwa
jwalokaha eka ke tshimo,
Jerusalema yona e fetohe
diqubu tsa majwe,
leralla leo Tempele
e hahilweng hodima lona
le fetohe tututswana
e aparetsweng ke moru.’
19“Na Hesekiya, kgosi ya Juda, le bohle ba morabe wa Juda, ba ne ba mmolaye? Na Hesekiya ha a a ka a tshaba Morena, a ithapella ho Morena? Na Morena ha a a ka a hauha, a se ke a ba tlisetsa koduwa eo a neng a ba reretse yona? Re lekgatheng la ho itlisetsa koduwa e tshabehang!”
20Ho ne ho ena le monna e mong ya neng a porofeta ka lebitso la Morena. E ne e le Uriya, mora wa Shemaya ya tswang Kiriate-Jearime. Le yena o ne a porofetela motse ona le naha ena timelo, mme a bua mantswe wohle a tshwanang le a Jeremia.
21Ha bo-kgosi Jehoyakime le bahale bohle ba hae, le mahosana wohle a hae, ba utlwa mantswe a Uriya, kgosi Jehoyakime a batla ho mmolaya, empa yare ha Uriya a utlwela a tshoha, yaba o balehela Egepeta. 22Kgosi Jehoyakime a roma banna Egepeta, e leng Elenathane, mora wa Akabore, le banna ba bang ba neng ba mo tsamaisa tsela ho ya Egepeta. 23Banna bao ba tla le Uriya, ba mo tlisa ho kgosi Jehoyakime. Jehoyakime a mmolaya ka sabole, a lahlela setopo sa hae ka setsheng sa mabitla a bafo.
24Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye.

Currently Selected:

JEREMIA 26: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy