YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 25

25
Sera se tswang leboya
1Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda. 2Yaba moporofeta Jeremia o bua ho setjhaba sohle sa Juda, le ho baahi bohle ba Jerusalema, o re: 3“Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho. 4Le hoja Morena a nnile a le romela bahlanka ba hae bohle, e leng baporofeta, ha le a ka la mamela kapa la sekeha ditsebe tsa lona. 5Baporofeta ba ile ba re: ‘Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle. 6Le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, la e kgumamela; le se ke la mphephetsa, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme ha nka ke ka le hlokofatsa.
7“ ‘Empa ha le a ka la mamela,’ ho rialo Morena; ‘le mphepheditse, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme la ipitsetsa kotlo.’
8“Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: ‘Kahobane ha le a ka la mamela lentswe la ka, 9ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri. 10Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone. 11Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.
12“ ‘Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle,’ ho rialo Morena. 13‘Dintho tsohle tseo ke di boletseng ke tla di dihela hodima naha ena, e leng tsohle tse ngotsweng bukeng ena, tseo Jeremia a ileng a di porofetela dinaha tsena tsohle. 14Bakalatiya le bona ba tla sebeletsa ditjhaba tse ngata le dikgosi tse matla, ke ba otle ho ya ka diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.’ ”
Modimo o ahlola ditjhaba
15“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re: ‘Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se ka letsohong la ka, mme o etse hore ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona di se nwe. 16Di tla se nwa, di thekesele, di hlanye ka baka la sabole eo ke tla di bolaya ka yona.’ ”
17Yaba ke nka senwelo se ka letsohong la Morena, ke se nwesa ditjhaba tsohle tseo Morena a nthommeng ho tsona, 18e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno; 19le Faro, kgosi ya Egepeta, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le setjhaba sohle sa hae, 20le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode, 21le Edomo, le Moabe, le bana ba Amone, 22le dikgosi tsohle tsa Tire, le dikgosi tsohle tsa Sidone, le dikgosi tsohle tsa dinaha tse lebopong la lewatle, 23le Dedane, le Tema, le Buse, le tsohle tse dibakeng tse hole, 24le dikgosi tsohle tsa Arabia, le dikgosi tsohle tsa merabe esele a ahileng lehwatateng, 25le dikgosi tsohle tsa Simeri, le dikgosi tsohle tsa Elame, le dikgosi tsohle tsa Media, 26le dikgosi tsohle tsa leboya, tse hole le tse haufi, ka ho hlahlamana ha tsona, le mebuso yohle e teng mona lefatsheng, mme qetellong ho tla nwa kgosi ya Sheshake.
27“Jwale o tle o re ho bona: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Nwaang, le tahwe, le hlatse, le we, le se ke la hlola le tsoha, ka baka la sabole eo ke tla le bolaya ka yona.’ 28Empa haeba ba hana ho nka senwelo se ka letsohong hore ba nwe, wena o tle o re ho bona: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: Le sa tle be le nwe! 29Bonang, jwale ke qala ho dihela koduwa hodima motse ona o bitswang ka lebitso la ka; ebe na lona le ke ke la otlwa ho hang? Le tla otlwa, hobane baahi bohle ba lefatshe ke tla ba bolaya ka sabole,’ ho rialo Morena wa mabotho.
30“Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona:
“ ‘Morena o tla puruma a le hodimo,
a howeletse a le sehalalelong sa hae,
a kgarumele lefatshe la hae.
O tla howa sa batho
ba tlhotlang morara,
a howeletse baahi bohle ba lefatshe.
31Rata le tla fihla
pheletsong tsa lefatshe,
hoba tjhaba tsohle
Morena o tla di qosa,
batho bohle le bona a ba ahlole,
ba kgopo a ba bolaye ka sabole,’ ”
ho rialo Morena.
32Morena wa mabotho o bua tjena:
“Koduwa e tla aparela ditjhaba!
Lehodiotswana le tla tsoha,
le tla tsoha pheletsong tsa lefatshe!”
33Mohla tsatsi leo, bao Morena a ba bolaileng ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya fihla ho e nngwe. Ha ba ka ke ba llelwa, ditopo tsa bona ha di ka ke tsa phuthwa leha e le ho epelwa; di tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.
34Lona badisa llang,
le bokolle haholo,
lona beng ba mohlape
ipitikeng hodima molora;
nako ya ho bolawa ha lona e fihlile,
nako ya ho qhalanngwa ha lona
e phethahetse;
le tla wa, le pshatlehe
sa lefiso le letleletle!
35Badisa ha ba ka ke
ba fumana setshabelo,
beng ba mohlape le bona
ba sitwe ho phonyoha.
36Seboko sa badisa se tla utlwahala,
le sello sa beng ba mehlape,
sello sa pohomela,
hobane makgulo a bona
Morena o a sentse!
37Metse ya bona ya kgotso
e fetohile masupi,
ka baka la kgalefo ya Morena,
kgalefo e tlokomang.
38Morena o jwaloka tau
e tswile selaong,
kahoo naha ya bona
e fetohile nanaola,
ka baka la bohale ba sabole,
sabole ya motlatlapi,
ka baka la kgalefo ya Morena,
kgalefo e tlokomang.

Currently Selected:

JEREMIA 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy