YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 23

23
Tshepo ya kamoso
1“Ho madimabe badisa ba timetsang dinku tsa makgulo a ka, ba di qhale,” ho rialo Morena. 2Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le badisa ba alosang setjhaba sa hae: “Le qhadile mohlape wa ka, la o leleka, mme ha le a ka la o hlokomela. Bonang, ke tla le otla ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona,” ho rialo Morena. 3“Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale. 4Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.
5“Bonang, matsatsi a a tla,”
ho rialo Morena,
“ao ka wona ke tla tsosa
lehlomela le lokileng la Davida,
kgosi e tla busa,
e sebetse ka bohlale,
e sebetse ka toka
le ka ho loka lefatsheng.
6Mehleng ya kgosi eo,
Juda e tla pholoswa,
Iseraele le yona
e iphelele ka kgotso.
Lebitso le tla rewa kgosi eo
ke lena:
Morena ke yena
ho loka ha rona.
7“Ka baka leo, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, ao ka wona ba ke ke ba hlola ba re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya nyolotseng bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.” 8Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.”
Baporofeta ba bohata
9Malebana le baporofeta, Jeremia o re:
Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna,
e nyahamisitswe ke baporofeta;
masapo a ka wohle
a kenwe ke thothomelo.
Ka baka la Morena
le mantswe a halalelang a hae,
ke se ke itshwanela
le monna wa letahwa,
ke tshwana le monna
ya itlopileng veine.
10Naha ena yohle
e se e tletse difebe,
ka baka la thohako
naha e apere bofifi,
makgulo a dithota a omeletse.
Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo,
matla a tsona ha a sebediswe ka toka.
11“Baporofeta le baprista
bobedi ba silafetse,
e, ka tlung ya ka
ke fumane bokgopo ba bona,”
ho rialo Morena.
12“Tsela ya bona e tla thella,
e thelle jwaloka e lefifing,
ba tla kgarametswa,
ba wele fifing leo,
hobane ke tla theolela koduwa
hodima bona, ka selemo sa kotlo,”
ho rialo Morena.
13“Ke bone sebe
sa baporofeta ba Samaria,
ba porofetile ka Baale,
ba kgelosa tjhaba sa ka sa Iseraele.
14Hara baporofeta ba Jerusalema
ke bone se tshosang:
Ba etsa bofebe,
ba phela ka ho bua mashano,
ba bile ba kgothaletsa batho
ho etsa bokgopo,
hoo ho seng ya furallang
bokgopo ba hae.
Kaofela ha bona
ho nna ba tshwana le ba Sodoma,
baahi ba teng
ba tshwana le ba Gomora hantle.”
15Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta:
“Bonang, ke tla ba nwesa lengana,
ke ba nwese metsi
a babang sa leshokgwa,
hobane ho silafala
ho tletseng kahara naha
ke ho tswang ho baporofeta,
baporofeta ba Jerusalema.”
16Morena wa mabotho o bua tjena:
“Le se ke la mamela
mantswe a baporofeta,
ba le porofetelang
ka ho le bolella mafeela;
ba bua ka dipono tse tswang
mehopolong ya bona,
e seng tse tswang
ka molomong wa Morena.
17Ho ba nnyedisang,
baporofeta ba re ho bona:
‘Morena o boletse hore
le tla phela ka kgotso;’
ho ba latelang pelo tsa bona
tse manganga, ba re:
‘Ha ho na koduwa
e tla le wela hodimo!’
18Ke ofe ho bona
ya kila ba lekgotleng la Morena?
Ke ofe ya kila mmona,
a ba a utlwa ntswe la hae?
Ke ofe ya kila utlwa
ntswe la hae, a le mamela?
19Tsokotsane sa Morena se tsohile,
se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo,
ka sekgahla,
ba kgopo se a ba tsukutla.
20Kgalefo ya Morena
ha e ka ke ya kgaotsa,
ho fihlela e phethahatswa ke yena,
ho fihlela a phethile merero ya hae;
sena le tla se utlwisisa
mehleng ya ho qetela.
21Baporofeta bana
ha ke a ka ka ba roma,
empa ba ile ba ya ba potlakile;
ha ke eso ka ke bua le bona,
empa bona ba porofetile.
22Ha ba ne ba bile teng
kgotleng la ka,
ba ka be ba entse hore
tjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka,
ba se kgelositse
tsela tsa sona tse kgopo,
ba se kgutlisitse
ketsong tsa sona tse kgopo.”
23Morena o re:
“Ke Modimo ya teng hohle,
ya teng hole le haufi.
24Na motho a ka ipata
dikgotjheletsaneng,
a ipata teng, yaba ha ke mmone?”
ho rialo Morena.
“Na ha ke fumanwe
lehodimong le lefatsheng?”
ho rialo Morena.
25“Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke lorile! Ke lorile!’ 26Baporofeta baa ba tla porofeta mashano ho fihlela neng? E, ke baporofeta ba porofetang mashano a tswang mehopolong ya bona. 27Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale. 28Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena. 29“Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana?
30“Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena. 31“Ke hanyetsana le baporofeta ba buang ka maleme a bona, ba re: ‘Morena o re,’ ” ho rialo Morena. 32“Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.
Molaetsa wa Morena
33“Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: ‘Molaetsa wa Morena ke ofe?’ Wena o tle o re ho bona: ‘Molaetsa oo ke lona! Ke tla qetella ke le lahlile,’ ho rialo Morena. 34Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: ‘Molaetsa wa Morena,’ motho eo ke tla mo otla hammoho le lelapa la hae lohle. 35Kahoo motho ka mong o tla re ho mohahabo, kapa motho ka mong a re ho ngwanabo: ‘Karabo ya Morena ke efe? Morena o itseng?’ 36Ha le ka ke la hlola le bua ka molaetsa wa Morena hape, hobane lentswe la motho ka mong e tla ba lona molaetsa wa hae. Le sokamisitse mantswe a Modimo ya phelang, a Morena wa mabotho, Modimo wa rona. 37Wena o tle o bue tjena ho moporofeta, o re: ‘Morena o o arabetse ka ho reng? Morena o itseng?’
38“Empa erekaha le re: ‘Molaetsa wa Morena,’ mme ke ile ka le tsebisa, ka re: ‘Le se ke la re: “Molaetsa wa Morena,” ’ Morena o bua tjena: ‘Le sebedisitse mantswe ana: “Molaetsa wa Morena,” ’ le hoja ke ile ka le bolella ka re le se ke la re: ‘Molaetsa wa Morena;’ 39ka baka leo, bonang, nna, e leng nna, ke tla le lebala ho hang, ke le furalle le motse ona oo ke neng ke o nee lona le bo-ntata lona, ebe ke le leleka mahlong a ka. 40Ke tla le swabisa kamehla yohle, ke le hlabise dihlong, tse ke keng tsa lebalwa kamehla yohle.”

Currently Selected:

JEREMIA 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy