YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 22

22
Molaetsa wa Jeremia ho ba ntlo ya Juda
1Morena o bua tjena: “Theohela tlung ya kgosi ya Juda, o yo phatlalatsa molaetsa ona hona teng, 2o re: ‘Mamela lentswe la Morena, wena kgosi ya Juda, wena ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao se kenang ka dikgoro tsena. 3Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena. 4Haeba ruri tsena le ka di etsa, dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida di tla kena dikgorong tsa motse ona, di palame kariki tsa ntwa le dipere, di tsamaya mmoho le bahlanka ba tsona, le setjhaba sa tsona. 5Empa haeba le sa mamele mantswe ana, ke a le hlapanyetsa hore ntlo ena e tla fetoha dithako,’ ” ho rialo Morena.
6Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda:
“Le hoja ho nna o ka Gileade,
o tshwana le tlhoro ya Lebanone,
ruri ke tla o fetola lehwatata,
ke o fetole metse e hloka baahi.
7Ke tla o romela ba tla o timetsa,
motimetsi ka mong
a nkile hlomo tsa hae;
ba tla rema fate tsa hao tse ntle,
fate tsa hao tsa dikedare,
ba di reme ba di lahlele mollong.
8“Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re: ‘Ke ka lebaka lang ha Morena a entse ntho e tjee motseng o moholo hakaale?’ 9Ba tla araba, ba re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bona, ba rapela medimo esele, ba e sebeletsa.’ ”
Molaetsa wa Jeremia ho Shalome
10Se lleleng mofu,
le kgutsana le se e rwale,
le mpe le llele haholo ya thopilweng,
hobane ha a ka ke a hlola
a kgutla hape,
leha e le ho bona
fatshe la tswalo ya hae.
11Morena o bua tjena malebana le Shalome, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ya ileng a hlahlama ntatae, ya eba kgosi ya Juda, empa jwale ya seng a tlohile sebakeng sena: “A ke ke a hlola a kgutlela sebakeng sena hape. 12O tla shwela naheng eo a thopetsweng ho yona, mme a ke ke a hlola a bona naha ena hape.”
Molaetsa wa Jeremia ho Jehoyakime
13“Ho madimabe ya hahang
ntlo ya hae ka bolotsana,
a hahe disolloro tsa yona
ka bomenemene;
ya etsang hore mohahabo
a sebeletse lelea,
ya sa lefeng moputso
wa mosebeletsi wa hae.
14Ya reng: ‘Ke tla ikgahela
ntlo ya ka e kgolo,
e nang le disolloro tse batsi.’
A fela a e etsetsa difesetere,
mabota a a manehe
mapolanka a dikedare,
a ba e dile ka mobu o mofubedu.
15“Na o tla busa
hobane o hahile ka dikedare?
Na ntatao yena o na sa je,
mme a sa nwe?
Empa o nnile a sebetsa
ka toka le ka ho loka,
yaba o phela hamonate,
a phela ka boiketlo.
16O ila ahlolela
mofutsana le mohloki,
yaba o phela hamonate,
a phela ka boiketlo.
Na hoo e ne se hona ho ntseba?
ho rialo Morena.
17“Mahlo a hao le pelo
di buswa ke meharo ya hao,
di buswa ke ho tsholla madi
a se na molato,
di buswa ke kgatello
le tlhokofatso ya batho.”
18Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda:
“Ha ba ka ke ba mo llela,
ba re: ‘Jo nna, ngwaneso!
Jo nna, kgaitsedi ya ka!’
Ha ba ka ke ba mo llela,
ba re: ‘Jo nna, monga ka!
Jo nna, tlotla ya hae!’
19Phupu ya hae
e tla tshwana le ya tonki,
a hulanngwe, a lahlelwe kantle,
a akgelwe thoko
ho kgoro tsa Jerusalema.”
Molaetsa wa ho timetswa ha Jerusalema
20“Nyolohela Lebanone,
o yo howa hona teng,
o meketse, ntswe la hao
le yo utlwahala Bashane,
o meketse haholo
o le thabeng tsa Abarime,
hoba baratuwa ba hao bohle
ba timeditswe.
21Ka na ka bua le wena
ha o no sa atlehile,
yaba wena o re:
‘Nke ke be ka o mamela!’
Bona ke boitshwaro ba hao
ho tloha botjheng ba hao,
hore lentswe la ka
o se ke wa le mamela.
22Moya o tla fefola
badisa ba hao bohle,
baratuwa ba hao bohle
ba tla thopuwa.
Ruri o tla hlajwa ke dihlong,
o tlontlolohe, o tsielehe
ka baka la bokgopo ba hao bohle.
23Wena moahi ya phelang Lebanone,
ya phelang tlung
e hahilweng ka dikedare,
o tla dumaela hakae
ha mahlaba a o fihlela,
mahlaba a kang a mosadi,
mosadi a kena tlung!
Modimo o ahlola Koniya
24“Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola. 25Ke tla neelana ka wena matsohong a ba batlang ho o bolaya, bona bao o ba tshabang, e leng matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a Bakalatiya. 26Wena, le mmao ya o tswetseng, ke tla le lahlela kantle, naheng eo le sa tswallwang ho yona, mme le tla shwela hona teng. 27Empa ha e le naha eo le labalabelang ho kgutlela ho yona, yona le ke ke la kgutlela ho yona.”
28Na Koniya hase nkgwana
e nyatsehang, e matlere?
Na hase sejana seo
ho seng ya se thabelang?
Ke hobaneng ha yena
le bana ba hae ba lelekilwe,
ba leleketswe naheng
eo ba sa e tsebeng?
29Oho, wena lefatshe,
wena lefatshe, wena lefatshe!
Ako mamele lentswe la Morena!
30Morena o bua tjena:
“Ngolang hore monna enwa
ha a na bana,
ke motho ya ke keng a atleha
bophelong ba hae,
ha ho le ya mong wa bana ba hae
ya tla atleha,
ya tla dula teroneng ya Davida,
ya tla busa ba morabe wa Juda.

Currently Selected:

JEREMIA 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy