YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 20

20
Qabang ya Jeremia le Pashahure
1Ha Pashahure, mora wa moprista Imere, eo e neng e bile e le mookamedi wa Tempele ya Morena, a utlwa hore Jeremia o porofeta dintho tsena, 2a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena. 3Ka letsatsi le hlahlamang, Pashahure a re Jeremia a lokollwe. Yaba Jeremia o re ho yena: “Lebitso leo Morena a o reileng lona hase Pashahure, empa ke Kahohle ke Matshabeho. 4Morena o bua tjena: ‘Ke tla etsa hore o itshabe, le metswalle yohle ya hao e o tshabe. Metswalle eo ya hao e tla bolawa ke dira tsa yona ka sabole, mme tsena o tla di bona ka mahlo a hao. Baahi bohle ba Juda ke tla neelana ka bona matsohong a kgosi ya Babilona; yona e tla ba thopa, e ba ise Babilona, e ba bolaye ka sabole. 5Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona. 6Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.’ ”
Jeremia o ipelaetsa ho Morena
7Morena, o ile wa nthetsa,
ka thetseha,
wena o matla ho mpheta,
mme o ntlhotse.
Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho,
motho ka mong
o nnyekoletsa melomo.
8Kamehla ha ke bua ke ye ke howe,
ke meketse, ke re:
“Moferefere le timelo!”
Ka dinako tsohle ke a songwa,
ke a nyatsuwa,
ka baka la ho bolela
lentswe la Morena.
9Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola
ke bua ka Morena,
ha ke sa tla hlola
ke bolela bitso la hae,”
ka pelong ya ka
ntswe la hae ke malakabe,
ke mollo o tukang
kahara masapo a ka,
ke se ke kgathetse
ke ho hlola ke o bipile,
ho o mamella le hona ho a ntshita.
10Ke utlwa ba bangata
ba ntse ba hweshetsa,
ba re: “Kahohle ke Matshabeho!
Mo hlahatseng!
A re mo hlahatseng!”
Metswalle ya ka yohle
e laletse hore ke fose,
e re:
“Mohlomong a ka nna thetseha,
yaba re tseba ho mo hlola ke hona,
ra ba ra tseba
le ho iphetetsa ka yena.”
11Empa Morena o na le nna,
o matla, o a tshabeha,
kahoo bahlorisi ba ka
ba tla kgothometseha.
Ha ba ka ke ba ba ba hlola,
ba tla hlajwa ke dihlong haholo,
merero ya bona e ke ke be ya atleha,
le dihlong tsa bona
di ke ke be tsa lebalwa.
12Empa wena Morena mabotho,
wena ya hlahlobang ba lokileng,
wena ya bonang
botebo ba dipelo tsa batho,
a nke ke bone
ha o iphetetsa hodima bona,
hobane nyewe ya ka
ke e beile kapele ho wena.
13Binelang Morena, le mo rorise!
O pholositse bafumanehi
matsohong a ba kgopo.
14Ho ke ho rohakehe
tsatsi la tswalo ya ka!
Tsatsi leo ke belehilweng ka lona,
tsatsi leo le se hlohonolofale!
15Ho ke ho rohakehe
ya ileng a behela ntate,
yena ya ileng a mo thabisa, a re:
“O tswaletswe ngwana moshanyana!”
16Motho eo a ke a tshwane le metse,
metse eo Morena
a ileng a e timetsa ho se mohau.
Motho eo a ke a utlwe dillo
e sa le ka matjeke,
mokgosi wa ntwa a o utlwe
ha tadi e anyesa,
17hoba ha a ka a mpolaya
ke eso tswalwe,
popelo ya mme
ya eba lebitla la ka,
mme ya eba moimana
kamehla yohle.
18Ekaba ke ne ke tswelang
popelong ya mme,
hore ke tlo bona
ditsietsi le maswabi,
bophelo ba ka
ke bo qete ke le dihlong?

Currently Selected:

JEREMIA 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy