YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 19

19
Nkgo e pshatlehileng
1Morena o bua tjena: “Tsamaya, o yo reka nkgo ya letsopa. O tsamaye le ba bang ba baholo ba setjhaba, le ba bang ba baprista ba seng ba hodile. 2O theohele ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, e pela Monyako wa Mangetana. Ha o fihla teng o phatlalatse mantswe ana, ao ke tla o bolella wona, 3o re: ‘Lona dikgosi tsa Juda le baahi ba Jerusalema, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mamelang! Sebaka sena ke tla se dihela koduwa e tla etsa hore ditsebe tsa mang kapa mang ya e utlwang di hlohlone. 4Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato. 5Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana. 6Ka baka leo, hlokomelang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona batho ba ke keng ba hlola ba bitsa sebaka sena Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa ba tla se bitsa Kgohlo ya Polaelo.
7“ ‘Sebakeng sena ke tla nyopisa merero ya Juda le ya Jerusalema. Ke tla etsa hore ba bolawe ka sabole ke dira tsa bona, ba bolawe ke matsoho a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha. 8Metse ena ke tla e senya e be sebonwang-se-bonwake-bohle; bo-mofeta-ka-tsela ba tla makala, ba thukuthe dihlooho ka baka la koduwa eo. 9Ke tla etsa hore ba je nama ya bara le baradi ba bona, motho ka mong a je nama ya setopo sa motswalle wa hae nakong ena ya tsietsi, eo ka yona dira tsa bona, tse batlang ho ba bolaya, di tla be di ba etseditse thibella.’
10“Jwale o tlo pshatle nkgo ena moo banna ba tsamayang le wena ba ntseng ba bona, 11mme o re ho bona: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: Ke tla pshatlaka setjhaba sena le motse ona jwalokaha motho a pshatlaka nkgo hoo e ke keng ya hlola e lokiswa. Ba tla epela bafu ba bona Tofete hobane ho tla be ho se na sebaka se seng seo ba ka ba epelang ho sona. 12Sena ke tla se etsa sebakeng sena le ho baahi ba sona, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o etsa hore o be jwaloka Tofete. 13Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.’ ”
14Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle: 15“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mamelang! Motse ona le metsana yohle e o potapotileng ke tla e dihela koduwa tseo ke di boletseng, hobane setjhaba sena se ile sa satalatsa melala ya sona, sa hana ho mamela dipolelo tsa ka.’ ”

Currently Selected:

JEREMIA 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy