YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 12

12
Pelaelo ya Jeremia
1Wena Morena, o lokile kamehla,
ha ke bea nyewe ya ka
kapele ho wena, o lokile,
empa a nke ke bue le wena
ka toka ya hao:
Ke hobaneng ha ba kgopo
ba atleha mererong ya bona?
Ke hobaneng ha ba bolotsana
ba phela ka boiketlo?
2O ba hlomile,
metso ya bona e tebile;
ba a mela, ba beha ditholwana.
Ba bua ka wena ka molomo feela,
empa pelo tsa bona tsona
di hole le wena!
3Wena Morena, o ntseba hantle,
o a mpona,
o lekola menahano ya ka
mabapa le wena.
Ba hule sa nku e iswa tlhabong!
Wena o ba beele kathoko,
bakeng sa tsatsi la tlhabo
ba beele kathoko.
4Naha ee e tla dula e omeletse,
e dule e omeletse ho fihlela neng,
dimela di pone ho fihlela neng?
Kahobane ba phelang naheng ena
ba kgopo,
diphoofolo le dinonyana di shwele.
Ho feta mona, batho ba re:
“Ha a na ho bona
seo re se etsang.”
Modimo o arabela Jeremia
5“Ha o ila wa kgathala
o ipeisa le batho,
jwale dipere
o tla ipeisa jwang le tsona?
Haeba o ka kgoptjwa
naheng e bataletseng,
mahohoding a Jorodane
o ka tsamaya jwang?
6Bang ka wena esita le bana beno,
bana le bona ba o ekile,
ba kene hara letshwele
ho o lwantsha,
o se ka ba tshepa,
leha ba o buisa hantle.”
Morena o swabiswa ke tjhaba sa hae
7“Ke furaletse ntlo ya ka,
ka siya lefa la ka,
moratuwa ka neelana ka yena,
matsohong a dira tsa hae.
8Lefa la ka le tshwana le tau ya moru;
e a nthorela, kahoo ke e hloile.
9Lefa la ka le tshwana le nonyana,
nonyana e kgwarahlana,
e ubellwang
ke nonyana tse ding kamahohle.
Tsamayang le yo phutha
batana tsohle tsa naha,
le di phuthe di tle moketeng.
10Badisa ba bangata
ba sentse tshimo ya ka,
ba hataketse morara wa yona,
ba o hatakela ka maoto,
tshimo ya ka e ntle
ba e fetola lehwatata.
11Ba e fetotse lehwatata le omeletseng,
le nkotlang pelo ha ke le bona.
Naha yohle e fetohile lehwatata,
hobane ha ho le ya mong
ya e tsotellang.
12Maralla wohle a lehwatateng
a nyeunya basenyi,
hobane sabole ya Morena
e tla timetsa tsohle,
e timetse
dipheletso tsohle tsa lefatshe,
ha ho le ya mong
ya tla phela ka kgotso.
13Ba jetse koro,
ba kotula hlabahlabane,
ba sebetsa ka thata,
ba sebeletse lelea,
kotulo ya bona
e ba hlabisitse dihlong,
ka baka la kgalefo ya Morena,
kgalefo e tlokomang.”
14Ho bohle ba kgopo, bao re ahisaneng le bona, ba hapang naha eo ke e neileng setjhaba sa ka sa Iseraele, Morena o bua tjena: “Ke tla ba tlosa dinaheng tsa bona, ba ntlo ya Juda ke ba ntshe kahara bona. 15Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona. 16Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka. 17Empa haeba setjhaba sefe kapa sefe se sa mamele, ke tla se fedisa ho hang, ke se timetse,” ho rialo Morena.

Currently Selected:

JEREMIA 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy