YouVersion Logo
Search Icon

JEREMIA 11

11
Selekane se senyehile
1Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:
2“Mamela mantswe a selekane sena, mme o a bolelle setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. 3Ba bolelle hore Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Motho ya sa mameleng mantswe a selekane sena a rohakehe; 4e leng mantswe ao ke neng ke a bolelle bo-ntata lona moholo, ha ke ne ke ba ntsha Egepeta, seboping sa mollo se entsweng ka tshepe.’ Ka na ka re: Mmameleng, le phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona, mme le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona. 5Ke tla phetha kano eo ke neng ke e etsetse bo-ntata lona, ya hore ke tla ba nea naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, e leng naha ena eo e leng ya lona kajeno.”
Nna ka araba, ka re: “A ho be jwalo, Morena!”
6Yaba Morena o re ho nna: “Phatlalatsa mantswe ana wohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re: ‘Mamelang mantswe a selekane sena, le phethe seo a se bolelang. 7Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!” 8Ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe, empa motho ka mong o ile a latela ditakatso tsa pelo ya hae e mpe, e manganga. Ka baka leo, ke ba otla ho ya ka dipallo tsa selekane sena seo ba neng ba itlame ka sona, empa seo ba sa kang ba se boloka.’ ”
9Yaba Morena o re ho nna: “Hara banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ho na le mahlabaphiyo. 10Ba kgutletse dibeng tsa bo-ntata bona moholo, ba neng ba hane ho mamela dipolelo tsa ka. Ba latetse medimo esele, ba e sebeletsa. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba sentse selekane seo ke neng ke se etse le bo-ntata bona.” 11Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela. 12Ba metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ya ba ipiletse ho medimo ya bona, eo ba e tjhesetsang mekubetso, empa medimo eo e ke ke ya ba pholosa ho hang, ha koduwa e ba wela hodimo. 13Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.
14“Ka baka lena, o se ke wa rapella setjhaba sena, kapa wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho mamela ha se ipiletsa ho nna nakong ya ditsietsi tsa sona.
15“Moratuwa o etsang
ka tempeleng ya ka,
ha e le moo
a rera merero ya bolotsana?
Ebe nama tsa mahlabelo
di ka o phemisa kotlo ya hao?
Ha o etsa bokgopo
eba jwale o a thaba!”
16Morena o ile a o rea lebitso,
a re o fate sa mohlwaare
se setalana, se kgahlehang,
se behang tholwana di le monate.
Empa ka modumo,
modumo o thwathwaretsang,
o ila hotetsa mollo hodimo sona,
makala a sona a etjha, a re lore!
17Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe.
Morero wa ho bolaya Jeremia
18Morena o ile a mpolella, mme ka tseba; a ntshenolela merero ya bona. 19Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re:
“A re timetseng sefate
le tholwana tsa sona;
a re mo tloseng lefatsheng,
fatsheng la ba phelang,
hore bitso la hae
le se hlole le sa hopolwa.”
20Empa wena Morena wa mabotho,
wena ya ahlolang ka toka,
wena ya lekolang pelo le kelello,
a nke ke bone phetetso ya hao
hodima bona,
nna ke beile nyewe ya ka
kapele ho wena.
21Ka baka lena, Morena o bua ka banna ba Anatote ba batlang ho o bolaya, ba reng: “O se ke wa porofeta ka lebitso la Morena, re tle re se ke ra o bolaya.” 22Kahoo Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba otla. Bahlankana ba bona ba tla bolawa ka sabole, bara le baradi ba bona ba bolawe ke sekoboto. 23Ha ho na ho ba le masalla a bona, hobane ke tla dihela banna ba Anatote koduwa ka selemo seo ke tla ba otla ka sona.”

Currently Selected:

JEREMIA 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy