YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 5

5
Sefela sa Debora le Barake
1Ka lona letsatsi leo Debora, le Barake, mora wa Abinoame, ba bina, ba re:
2“Kaha baetapele ba Iseraele
ba eteletse Baiseraele pele,
kaha setjhaba se ikentse
sehlabelo ka boithaopo,
lona rorisang Morena!
3“Lona dikgosi mamelang,
lona mahosana sekehang tsebe,
nna ke tla binela Morena,
ke binele Morena Modimo,
Modimo wa Iseraele.
4“Morena, ha o futuha o etswa Seire,
o haola, o etswa naheng ya Edomo,
lefatshe la na la thothomela,
mahodimo a thwathwaretsaka,
e, maru a nesa ya ditlwebelele.
5Dithaba tsa qhibidiha
kapela Morena,
le Sinai ya qhibidiha kapela Morena
Modimo wa Iseraele.
6“Mehleng ya Shamegare
mora wa Anate,
mehleng ya Jaele
ditsela tsa mela mohlwa,
batsamai ba hlahlathela
ka ditselana.
7Iseraele ya hloka babusi,
ya ba hloka ho fihlela nna Debora
ke ema ka maoto,
ke le mma Baiseraele.
8Ba ikgethela medimo e metjha,
ntwa ya eba teng
kgorong tsa metse ya bona.
Hara ba kete tse mashome a mane
tsa Baiseraele,
na ho kile ha bonwa thebe
kapa lerumo?
9Pelo ya ka e rata
balaodi ba Iseraele,
lona ba ikentseng sehlabelo
sa setjhaba ka boithaopo,
lona rorisang Morena!
10“Lona ba palamang ditonki,
tonki tse tshweu,
lona ba dutseng dibutshabutsheng,
le lona bo-mofetakatsela,
bolelang jwalo.
11Holehole le marata a bo-rametsu,
bakeng tseo
ho kguwang metsi ho tsona,
teng ba tla pheta
ketso tse lokileng tsa Morena,
ketso tse lokileng
tsa babusi ba hae ba Iseraele;
jwale tjhaba sa Morena
sa theohela kgorong tsa metse.
12“ ‘Phaphama, phaphama, Debora!
Phaphama, phaphama,
phokola sefela!
Tsamaya Barake,
mora wa Abinoame,
o kganne bathopuwa ba hao!’
13“Masalla a mahosana a theoha,
tjhaba sa Morena sa theoha
jwaloka bahale ho nthusetsa.
14Banna ba Efraime
ba theohela naheng ya Amaleke,
Benjamine a o latela
a le hara mabotho a hao.
Balaodi ba theoha
ba etswa ha Makiri,
ha Sebulone ha tswa
ba nkileng mokgele wa molaodi.
15Mahosana a Isakare
a tsamaya le Debora,
Isakare le yena a tsamaya le Barake,
ya eba letlaburu retheng tsa hae
ho leba kgohlong.
Ba morabe wa Rubene ba ferekana,
ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa.
16Le duletseng hara mehlape ya lona,
le mametse makodilo a badisana?
Ba morabe wa Rubene ba ferekana,
ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa.
17Gileade a itulela mose ho Jorodane,
Dane yena o duletseng ka dikepeng?
Ashere yena
o ituletse lebopong la lewatle,
o iphomoletse dikoung tsa lona.
18Morabe wa Sebulone
o ipeile kotsing ya lefu,
le wa Nafthali o entse jwalo
o le hodima dithaba.
19“Dikgosi tsa fihla tsa lwana,
dikgosi tsa Kanana
tsa lwana di le Taanake,
di le Taanake pela metsi a Megido,
empa ha di a ka tsa hapa silefera.
20Dinaledi tsa lwana di le hodimo,
tsa lwantsha Sisera
di le tseleng ya tsona.
21Molapo wa Kishone wa ba hohola,
molapo wa boholoholo,
molapo wa Kishone;
ba hatakele ka matla,
wena moya wa ka!
22Tlhako tsa dipere tsa tilaka fatshe,
tsa tilaka fatshe ha natla di baleha.
23“ ‘Rohaka Merose,’
ho rialo ngeloi la Morena,
‘O rohake,
o rohake le baahi ba yona,
hobane ha ba a ka ba thusa Morena,
ha ba a ka ba thusa Morena
direng tsa hae.’
24“Ho lehlohonolo Jaele hara basadi,
yena mosadi wa Hebere wa Mokene,
o lehlohonolo hara basadi bohle
ba phelang ditenteng.
25Sisera a kopa metsi,
Jaele a mo nea lebese,
a mo tlisetsa lebejana
ka mohope wa mahosana.
26Ka tsoho le letshehadi
a nka thakgisa ya tente,
ka tsoho le letona
a nka noto,
a ngaba Sisera ka yona,
a pshatla hata la hae,
a kgokgothella thakgisa
tlhafunelong ya hae.
27Sisera a wela fatshe maotong a hae,
a wela fatshe, a tjapalla,
a wela maotong a hae, a tjapalla,
a shwela moo a wetseng teng.
28“Mma Sisera
a hlaha ka fesetere a qamaka,
a howa a le kamora lesira, a re:
‘Kariki ya hae ya ntwa
e diehile hakaakang?
Diqi tsa dipere tsa hae
ha di utlwahale keng?’
29Tse bohlalehlale
tsa kgosatsana tsa hae
di a mo araba,
e, le yena o bile o a ikaraba:
30‘Ba hapile, ba arolelana tsa kgapo,
mohlabani ka mong
o abelwa morwetsana,
kapa o abelwa barwetsana
ba le babedi;
Sisera o abelwa seaparo se mebala,
seaparo se mebala, se homilweng;
aparo tse pedi, tse homilweng,
tsa molaleng, ke tsa ka!’
31“Dira tsohle tsa hao
a di ke di timele, Morena,
empa ba o ratang
ba be jwaloka letsatsi,
letsatsi ha le tjhaba
ka matla a lona.”
Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.

Currently Selected:

BAAHLODI 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy