YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 16

16
Samosone o ya Gasa
1Samosone a ya Gasa. Ha a le hona teng a bona mosadi wa seotswa, mme a kena dikobong tsa hae. 2Ha tsebiswa baahi ba Gasa, ha thwe: “Samosone o tlile kwano.” Ba etsetsa ntlo eo a leng ka ho yona sakanalankope, mme ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse. Ba kgutsa bosiu bohle, ba re: “Re tla mo emela ho fihlela bosiu bo esa, ebe re a mmolaya.”
3Samosone a robala moo ho fihlela hara mpa ya bosiu. A tsoha hara mpa ya bosiu, a nka mamati a kgoro ya motse le dikosene tsa wona tse pedi; a a pshemola mmoho le leballo la wona, a a jara lehetleng, a a isa hodima leralla le tobaneng le Heborone.
Samosone le Delila
4Kamorao ho mona Samosone a ratana le mosadi e mong ya phelang ka kgohlong ya Soreke. Lebitso la hae e ne e le Delila. 5Mahosana a Bafilesita a fihla ho mosadi eo, mme a re ho yena: “Mo qeke, mme o fumane hore na matla ana a hae a maholo a tswa kae; le hore na re ka mo hlola jwang, hore re tle re tsebe ho mo tlama, re mo fokodise. E mong le e mong wa rona o tla o nea tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro.”
6Delila a re ho Samosone: “Ke a o kopa: Ako mpolelle hore na matla ana a hao a maholo hakana a tswa kae, le hore na o ka tlangwa ka eng ho o fokodisa!”
7Samosone a re ho yena: “Haeba ba ka ntlama ka dikgwele tsa seqha tse supileng, tse ntjha, tsa lesika le eso ka le omiswa, ke tla fokola, ke tshwane le monna e mong le e mong.”
8Mahosana a Bafilesita a tlisetsa Delila dikgwele tse supileng tsa seqha, tse ntjha, tse sa omiswang, yaba o mo tlama ka tsona. 9Delila o ne a ena le banna ba laletseng ka kamoreng e kahare. A re ho Samosone: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Yaba Samosone o kgaola dikgwele tsa seqha jwalokaha kgwele ya motsitla e kgaoha ha e angwa ke mollo. Yaba sephiri sa matla a hae se ntse se sa tsejwe.
10Delila a re ho Samosone: “Bona mona, o mphoqile, mme o mpoleletse leshano. Jwale ako mpolelle hle: Ke eng eo o ka tlangwang ka yona?”
11Samosone a re ho Delila: “Ha fela ba ka ntlama ka mehala e metjha, e eso ka e sebediswa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”
12Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, yaba o re ho yena: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Banna ba laletseng ba ne ba le ka kamoreng e nngwe. Samosone a kgaola mehala e matsohong a hae jwalokaha eka ke kgwele feela.
13Delila a re ho Samosone: “Le ho fihlela jwale o sa mphoqile, mme o sa mpoleletse leshano. Ako mpolelle hore na ke eng eo o ka tlangwang ka yona!”
Samosone a re ho yena: “Ha o ka loha dithapo tse supileng tsa moriri wa ka, wa di thata ka kgwele e lohang, yaba o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, ke tla fokola, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”
14Delila a mo koietsa, a kgaleha. Yaba o thata dithapo tsa moriri wa hae ka kgwele, o di kgokgothela fatshe ka thakgisa, o re ho Samosone: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama, mme a pshemola thakgisa, a lokolla le kgwele.
15Yaba Delila o re ho yena: “O ka re o nthata jwang, empa pelo ya hao e se ho nna? O mphoqile ka makgetlo ana a mararo, mme ha o eso ka o mpolella hore na matla ana a hao a maholo a tswa kae.” 16Ka tsatsi le leng le le leng a nna a pheella ho mmotsa, mme a mo qophella. Samosone a fela pelo hoo e neng eka o tla shwa.
17Qetellong a mmolella nnete, a re ho yena: “Hlooho ya ka ha e eso ka e beolwa, hobane haesale ke le mokgethwa wa Modimo ho tloha popelong ya mme. Haeba nka beolwa, matla ana a ka a tla fela, ke fokole, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”
18Ha Delila a bona hore o mmoleletse nnete yohle, a romela maqosa ho bitsa mahosana a Bafilesita, a re: “Kajeno tloong, hobane o mpoleletse nnete.” Jwale mahosana a Bafilesita a tla ho yena, a nkile tjhelete. 19Delila a sika Samosone, a mo robatsa. Yaba o bitsa monna e mong, mme eo a beola dithapo tse supileng tsa moriri o hloohong ya Samosone. Jwale Delila a qala ho hlokofatsa Samosone, hobane o ne a feletswe ke matla.
20Delila a howa, a re: “Samosone, Bafilesita ke bao!”
Samosone a phaphama borokong, a re: “Ke tla phonyoha jwaloka kamehla, mme ke tla itokolla.” Empa o ne a sa tsebe hore Morena o mo furaletse.
21Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala. 22Kamora hoba hlooho ya hae e beolwe, moriri wa hae wa qala ho mela hape.
Lefu la Samosone
23Mahosana a Bafilesita a kopana, ho etsetsa Dagone, modimo wa wona, nyehelo e kgolo ya sehlabelo, le ho ithabisa, hobane a ne a re: “Modimo wa rona o neelane ka Samosone, sera sa rona, matsohong a rona.”
24Ha setjhaba se bona Samosone sa boka modimo wa sona, sa re: “Modimo wa rona o neelane ka sera sa rona matsohong a rona, e leng mosenyi wa naha ya rona, ya ileng a bolaya batho ba rona ba bangata.”
25Yare ha ba se ba nyakaletse ba re: “Tlisang Samosone, a tlo re bapalla.” Ba tlisa Samosone a etswa tjhankaneng, mme a bapalla moo ba ntseng ba mo shebile. Ba mmea pakeng tsa ditshiya tse pedi.
26Samosone a re ho moshanyana ya neng a mo tataisa: “Ako ntumelle ke tshware ditshiya tse pedi tse tsheheditseng ntlo, ke tle ke itshetlehe ka tsona.” 27Ntlo ena e ne e tletse banna le basadi; ho ena le mahosana wohle a Bafilesita. Hodima marulelo a ntlo ena ho ne ho dutse banna le basadi ba dikete tse tharo, ba neng ba lebeletse Samosone ha a bapala.
28Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.” 29Samosone a itshwarella ka matla ditshiyeng tse pedi tse bohareng ba ntlo, tse tsheheditseng ntlo. A itshetleha ka tsona, letsoho la hae le letona le tshwere e nngwe, le le letshehadi le tshwere e nngwe. 30Yaba Samosone o re: “A nke ke shwe, mmoho le Bafilesita!” A hofola ka matla a hae wohle, mme ntlo ya wela hodima mahosana, le hodima setjhaba sohle se neng se le kahara yona. Bao a ileng a ba bolaya ha a eshwa ba ne ba feta bao a ileng a ba bolaya ha a sa ntsane a phela.
31Bana babo le bohle ba ntlo yabo, ba theoha, ba fihla ba mo nka, ba mo nyolla, ba mo epela pakeng tsa Sora le Eshetaole, moo ntatae Manowa a ileng a epelwa teng. Samosone e ne e ile ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.

Currently Selected:

BAAHLODI 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy