YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 15

15
Samosone o tjhesa dijalo tsa Bafilesita
1Kamora matsatsi a se makae, nakong eo ho helwang koro ka yona, Samosone a boela a etela mosadi wa hae, a mo nketse potsanyane, mme a re: “Ke sa kena ka ho mosadi wa ka ka kamoreng ya hae.”
Empa ntata mosadi a mo hanela ho kena. 2Eo ntata mosadi a re ho yena: “Ke ile ka hopola hore ruri o mo hloile; ka baka leo, ke ile ka mo nea molekane wa hao. Na moena eo wa mosadi wa hao ha a mo fete ka botle? Mpe o nke yena bakeng sa enwa, ke a o kopa.”
3Samosone a re ho bona: “Jwale tjena ha ke na ho ba molato ho Bafilesita ha ke ba etsa hampe.”
4Samosone a tsamaya, a tshwara diphokojwe tse makgolo a mararo, a nka dirumola. A tlamahanya mehatla ya diphokojwe ka pedi, a nto tlamella serumola mehatleng e meng le e meng e mmedi, e tlamahantsweng. 5Ha a se a hoteditse dirumola tsena, a lelekela diphokojwe tsena hara masimo a koro ya Bafilesita e eso helwe. Yaba o tjhesa koro e seng e tlamilwe mangata, le koro e esong ho helwe, esita le dirapa tsa mohlwaare.
6Yaba Bafilesita ba re: “Ke mang ya entseng hoo?”
Batho ba re: “Ke Samosone, mokgwenyana wa monna ya ahileng Timina, hobane monna eo o nkile mosadi wa Samosone a mo nea molekane wa Samosone.”
Bafilesita ba nyoloha, ba tjhesa mosadi eo le ntatae. 7Samosone a re ho bona: “Le etsa tjee! Ruri nke ke ka le tlohela ho fihlela ke ipheteditse!” 8A ba tsoboka, a ba etsa mofela. A theoha moo, a ya phela lehaheng le lefikeng la Etame.
Samosone o hlola Bafilesita
9Jwale Bafilesita ba nyoloha, ba hloma naheng ya Juda, ba futuhela motse wa Lehi. 10Banna ba Juda ba re ho bona: “Ke hobaneng ha le tlile kwano ho re futuhela?”
Bafilesita ba re: “Re tlile kwano ho tla tshwara Samosone, re mo etse seo a re entseng sona.”
11Yaba banna ba Juda ba dikete tse tharo ba theohela lehaheng le lefikeng la Etame, ba fihla ba re ho Samosone: “Na ha o tsebe hore re buswa ke Bafilesita? Jwale ntho ee, eo o re etseditseng yona, ke eng?”
Samosone a re ho bona: “Ke ba entse seo ba nkentseng sona.”
12Ba re ho yena: “Re theohetse kwano ho tla o tlama, re neelana ka wena matsohong a Bafilesita.”
Samosone a re ho bona: “Ntlhapanyetseng hore lona le ke ke la mpolaya.”
13Ba bua ho yena, ba re: “Tjhe! Feela re tla o tlama ka thata, re neelane ke wena matsohong a bona, empa ruri re ke ke ra o bolaya.” Ba mo tlama ka mehala e mmedi, e metjha, mme ba nyoloha le yena ho tloha lehaheng.
14Ha Samosone a fihla Lehi, Bafilesita ba tla ba howeletsa, ha ba kopana le yena. Moya wa Morena wa theohela ka matla hodima Samosone. Mehala e mo tlamileng matsohong ya ka dikgwele tsa lene tse tjhesitsweng ka mollo, mme tsa tlamoloha matsohong a hae. 15A bona mohlaare wa tonki e sa tswa shwa, a nanabetsa letsoho, a o nka, mme ka wona a bolaya banna ba sekete.
16Yaba Samosone o re:
“Ka mohlaare wa tonki
ke ba entse diqubuqubu,
ka mohlaare wa tonki
ke bolaile banna ba le sekete.”
17Ha a qetile ho bua a lahla mohlaare oo, sebaka seo a se rea lebitso la Leralla la Mohlaare.
18Samosone o ne a nyorilwe haholo, mme a ipiletsa ho Morena, a re: “Ka letsoho la mohlanka wa hao o fane ka tlholo ena e kgolohadi! Ebe jwale ke tla shwa ke lenyora? Kapa ke tla wela matsohong a maqai?” 19Yaba Modimo o phunya mokoti hona moo Lehi, mme metsi a kolla ho wona. Samosone a nwa, moya wa kgutlela ho yena, mme a kgatholoha. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sediba sa Moipiletsi, se ntseng se le hona moo Lehi ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
20Mehleng eo ya Bafilesita, Samosone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.

Currently Selected:

BAAHLODI 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy