YouVersion Logo
Search Icon

BAAHLODI 10

10
Tola
1Kamora lefu la Abimeleke, ha hlaha Tola, mora wa Pua, setloholo sa Dodo, monna wa leloko la Isakare, a namolela Baiseraele. Tola o ne a ahile Shamire, naheng e maralla ya Efraime. 2Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro. Yaba o a shwa, mme a epelwa Shamire.
Jaire
3Kamora Tola ha hlaha Jaire wa Mogileade. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi. 4O ne a ena le bara ba mashome a mararo, ba neng ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a mararo. Ba ne ba ena le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, eo le kajeno-ya-bokajeno e ntseng e bitswa Metse ya Jaire. 5Jaire a shwa, mme a epelwa Kamone.
Baamone ba hatella Baiseraele
6Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa. 7Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone. 8Ka sona selemo seo, bao ba ba hatella, mme ba robokela bana ba Iseraele. Ka dilemo tse leshome le metso e robedi, ba hatella bana bohle ba Iseraele ba neng ba phela kamose wane ho Jorodane, naheng ya Baamore, e Gileade. 9Baamone ba tshela Jorodane ho ya lwantsha le Juda, le Benjamine, le ba ntlo ya Efraime, mme Baiseraele ba tsieleha haholo.
10Jwale bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Re o sitetswe, hobane re furaletse Modimo wa rona, re sebeleditse bo-Baale.”
11Morena a re ho bana ba Iseraele: “Na ha ke a ka ka le namolela ho Baegepeta, le ho Baamore, le ho Baamone, le ho Bafilesita? 12Basidone, le Baamaleke, le Bamaone, le bona ba ile ba le hatella, yaba le ipiletsa ho nna, mme ka le namolela matsohong a bona. 13Empa le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela. 14Tsamayang le yo llela ho medimo eo, eo le e kgethileng; a e ke e le lopolle nakong ena ya tsietsi ya lona.”
15Empa bana ba Iseraele ba re ho Morena: “Re sitilwe. Wena o re etse eng kapa eng eo o bonang e lokela, ha feela o ka mpa wa re namolela ka letsatsi lena, re a o rapela.” 16Yaba ba lahla medimo e meng, ba sebeletsa Morena. Morena a hauhela Baiseraele ka baka la bosoto ba bona.
17Bana ba Amone ba phutheha, ba hloma Gileade. Bana ba Iseraele le bona bo kopana, ba hloma Misepa. 18Setjhaba, se ena le mahosana a Gileade, sa buisana, sa re: “Ke monna ofe ya tla qala ho lwantsha Baamone? Monna eo e tla ba yena moetapele wa baahi bohle ba Gileade.”

Currently Selected:

BAAHLODI 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy