YouVersion Logo
Search Icon

JAKOBO 2

2
Kotsi ya ho ba leeme
1Bana beso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa rona ya tlotlehang, le se ke la e kopanya le leeme. 2Ho ka etsahala hore phuthehong ya lona ho kene monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng tse mahadihadi, ho be ho kene le mofutsana ya apereng tse marantha. 3Ha le sheba ya apereng tse mahadihadi, ebe le re ho yena: “Wena, ako dule setulong sena se setle,” empa le re ho mofutsana: “Wena, ema mona,” kapa: “Dula fatshe mona maotong a ka,” 4na ha le etse kgethollo? Na ha le baahlodi ba ahlolang ka bokgopo?
5Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang? 6Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng? 7Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle la Kreste, leo le bitswang ka lona?
8Ha le fela le phetha molao wa sehlooho, o ngotsweng Mangolong, o reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata,” le etsa hantle. 9Empa ha le ena le leeme, le etsa sebe, mme molao o a le ahlola hobane le o tlotse. 10Ha motho a boloka molao wohle, haese feela ntlha e le nngwe eo a e tlolang, o molato wa ho tlola molao kaofela, 11hobane ya itseng: “O se ke wa feba,” o bile o itse: “O se ke wa bolaya.” Leha o sa febe, feela o bolaya, o tlotse molao.
12Dipuo le diketso tsa lona e be tsa batho ba tla ahlolwa ka molao wa tokoloho. 13Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.
Tumelo le mesebetsi
14Bana beso, ho thusang hore motho a re o na le tumelo, empa a sa phethe mesebetsi ya yona? Na tumelo e jwalo e ka mo pholosa? 15Ha ngwanabo rona kapa kgaitsedi ya rona a hlobotse, mme a hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng, 16ho thusang hore e mong wa lona a re ho yena: “Ikele ka kgotso, o futhumale, o kgore,” feela a sa mo fa tse hlokahalang hore a phele? 17Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!
18Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.”
Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka. 19Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.
20Wena motho ya sethoto, na o rata ho tseba hore tumelo e se nang mesebetsi e nyopile? 21Na ntata rona Aborahama ha a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a nyehelang ka mora wa hae Isaka aletareng? 22O a bona he, tumelo e ne e tlatsana le mesebetsi ya Aborahama, le mesebetsi ya hae e ne e etsa hore tumelo ya hae e phethehe, 23mme ho ile ha phethahala Mangolo a reng: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka,” a ba a bitswa motswalle wa Modimo. 24Kahoo le a bona hore motho o lokafatswa ka mesebetsi, e seng ka tumelo feela. 25Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele? 26Efela jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele.

Currently Selected:

JAKOBO 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy