YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 60

60
Tlotla ya Jerusalema ya matsatsi a tlang
1“Tsoha, phatsima,
hobane sedi la hao le tlile,
tlotla ya Morena
e phatsima hodima hao.
2Lefifi le tla aparela lefatshe,
tjhaba di be fifing la bo-nka-ntjana;
empa Morena o tla phatsima,
a phatsime hodima hao,
tlotla ya hae e bonahale ho wena.
3Baditjhaba ba tla hohelwa
ke sedi la hao,
kgosi di hohelwe
ke redi le phatsimang la hao.
4“Phahamisa mahlo
o qamake kahohle:
Bohle ba a phutheha,
ba itlisa ho wena;
bara ba hao ba tla tswa holehole,
baradi ba hao ba tle
ba sikilwe ka matsoho.
5Tsena o tla di bona,
thabo ya hao e kgaphatsehe,
pelo ya hao e kokomohe
ke ho nyakalla haholo.
Matlotlo a lewatle e tla ba a hao,
maruo a baditjhaba
a tla tliswa ho wena.
6“Boiyane ba dikamele
bo tla putukana ho wena,
mekoloko ya dikamele
e tswang Midiane le Efa;
Basheba bohle
ba tla tlisa kgauta le mokubetso,
ba bine thoko tsa Morena,
ba mo tumise.
7Mehlape yohle ya Kedare
e tla phuthwa, e tliswe ho wena,
dipheleu tsa Nabajota
di tla o sebeletsa, di etswe nyehelo
e amohelehang aletareng ya ka,
ebe Tempele ya ka
ke e tlotlisa haholo.
8“Baa ba pakaselang
jwaloka leru ke bafe?
Baa ba kang maeba
a fofela dihlaheng tsa wona?
9Ke dikepe tse bokanang mabopong,
mabopong a dihlekehleke,
dikepe tseo batsamaisi ba tsona
ba ntebeletseng,
dikepe tsa Tarashishe
di di eteletse pele,
di tlisa bara ba hao
ba tswang holehole,
ba tlang ba kakatetse
silefera le kgauta ya bona,
ho tla tlotlisa Morena,
Modimo wa hao,
e leng Ya Halalelang wa Iseraele,
hoba ke yena ya o tlotlisitseng.
10“Baditjhaba
ba tla tsosa marako a hao,
dikgosi tsa bona di o sebeletse;
le hoja ha ke halefile
ke ile ka o otla,
empa ka baka la lereko la ka
ke o hauhetse.
11Kgoro tsa hao
di tla dula di ntse di butswe,
ha di ka ke tsa kwalwa
motsheare le bosiu,
batho ba o tlisetse maruo,
maruo a baditjhaba,
dikgosi tsa bona
di tla di entse mokoloko.
12Tjhaba sa mmuso
o ke keng wa o sebeletsa,
se tla timela,
e, tjhaba seo
se tla fela se timelle ruri.
13“Tlotla ya Lebanone
e tla tliswa ho wena:
Difate tsa modutu le tsa phaene,
le tsa kiperese,
tsena di tla tliswa
ho kgabisa sehalalelo sa ka,
mme ke tla tlotlisa Tempele
eo ke ahileng ho yona.
14Bara ba bahatelli ba hao
ba tla o obamela,
bohle ba neng ba o nyedisa
ba koqame maotong a hao,
ebe ba o bitsa Motse wa Morena,
Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.
15“Le hoja o no furaletswe,
o bile o hloilwe,
ho se na motho ya keng a o tjhakele,
ke tla o etsa ya kgabane
kamehla yohle,
ya tla thabisa
e mengatangata meloko.
16O tla anya lebese la baditjhaba,
o anye matswele
a dikgosi tsa bona,
o tsebe hore nna Morena,
ke Mopholosi wa hao,
Molopolli wa hao,
Ya Matla wa Jakobo.
17Bakeng sa lethose
ke tla o tlisetsa kgauta,
bakeng sa tshepe
ke o tlisetse silefera;
bakeng sa lehong
ke tla o tlisetsa lethose,
ke o tlisetse tshepe
bakeng sa majwe a moralla.
Ke tla etsa hore kahohle
kgotso e rene,
ho loka e be yena mmusi wa hao.
18Lerata la dintwa
ha le sa tla utlwahala,
naheng ya hao,
leha e le tshenyo
le nanaola meeding ya hao;
marako a hao
o tla a rea lebitso la Topollo,
kgoro tsa hao
tsona o di ree la thoriso.
19Letsatsi e ke ke ya hlola
e eba lesedi la hao motsheare,
le bosiu ngwedi e ke ke ya hlola
e o bonesetsa;
Morena e tla ba lesedi la hao,
sedi la kamehla yohle,
Modimo wa hao
e be yena tlotla ya hao.
20Tsatsi la hao ha le ka ke
la hlola le sa dikela,
kgwedi ya hao ha e ka ke
ya hlola e eya fifing;
hoba Morena e tla ba lesedi la hao,
sedi la kamehla yohle,
tshiu tsa bofifi ba hao
le tsona di fele.
21Tjhaba sa hao sohle
e tla ba sa ba lokileng,
naha e be lefa la sona
la kamehla yohle,
e be lehlomela
le hlomilweng ke nna,
e be mosebetsi wa matsoho a ka,
oo ke tlotliswang ka wona.
22Lelapa le lenyenyane
le tla ngatafala e be dikete,
setjhaba se fokolang
sona se matlafale,
nna Morena, ke tla potlakisa sena,
ke se potlakise ka nako ya sona.”

Currently Selected:

ESAYA 60: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy