YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 59

59
Moporofeta o nyatsa dibe tsa setjhaba
1Tsoho la Morena
ha le lekgutshwanyane,
hoo a ke keng a pholosa;
tsebe ya hae ha e a thibana
hoo a ke keng a utlwa.
2Empa makgopo a lona
a le arohantse le Modimo wa lona,
dibe tsa lona
di patile fahleho sa hae,
e le hore a se ke a le utlwa.
3Matsoho a lona
a kganathetse madi,
menwana ya lona
e silafaditswe ke bokgopo.
Le buile leshano
ka melomo ya lona,
maleme a lona a buile tse kgopo.
4Ha ho le ya mong ya batlang toka,
ha ho le ya mong
ya buang nnete dinyeweng;
ba tshepa dikgang tsa mafeela,
ba bua leshano;
mehopolo ya bona e mebe,
mme e tswala bokgopo.
5Ba qhotsisa mahe a marabe,
ba lohe dikgwele
tse kang tsa bolepo ba sekgo;
ya jang mahe a marabe o a shwa,
ha le leng le pshatlwa,
ho tswa marabe.
6Bolepo ba bona
bo ke ke ba fetoha diaparo,
ba ke ke ba ikapesa
ka tseo ba di etsang.
Mesebetsi ya bona
ke mesebetsi e kgopo,
ka ketso tsa bona
ba tsosa moferefere.
7Maoto a bona
a ba mathisetsa sebeng,
a bobebe ho tsholla madi
a se nang molato,
menahano ya bona
ke menahano e kgopo,
mehlaleng ya bona
ke mophula wa tshenyo,
le wa timetso.
8Tsela e isang kgotsong
ha ba e tsebe,
mehlaleng ya bona
toka ha e fumanwe.
Tsela tsa bona
ke tse matswedintsweke,
ya tsamayang ho tsona
a ke ke a fumana kgotso.
Setjhaba se ipolela dibe tsa sona
9Ka baka leo, toka e hole le rona,
le ho loka ha ho fihle ho rona.
Re batla lesedi,
empa re bona lefifi,
re batla kganya,
empa re tsamaya lefifing.
10Re phopholetsa mabota
jwaloka batho ba difofu,
re phopholetsa tsela
jwalokaha eka ha re na mahlo,
re kgothometseha
hara motsheare wa lengeta
jwalokaha eka ke ka shwalane;
hara ba phelang
rona re jwaloka bafu.
11Bohle re puruma jwaloka dibere,
re lla habohloko jwaloka maeba.
Re batla toka,
empa ha re e fumane,
re batla topollo,
empa e holehole le rona.
12Re ditshito di ngata mahlong a hao,
re ahlolwa ke bopaki
ba dibe tsa rona.
Ditshito tsa rona
di re maname kamehla,
bokgopo ba rona
re bo tseba hantle:
13Ke ho sitelwa Morena
le ho bua leshano,
ke ho furalla Modimo wa rona,
ho kgothaletsa bohatelli
le bofetohedi,
ho nahana leshano
le ho le bua ka pelong tsa rona.
14Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao,
ho loka ho emeletse hole le rona;
diterateng nnete ha e sa le yo,
botshepehi le bona
ha bo sa fumanwa.
15E, nnete e fela e lahlehile,
ya furallang bokgopo
o etswa hampe.
Morena o itokisetsa ho lopolla setjhaba sa hae
Tsena tsohle Morena a di bona,
a se ke a thabiswa ke bosiyo ba toka.
16Morena a bona hore ha ho na motho,
a makala ha a bona
ho se ya kenang dipakeng;
ka matla a hae a hlola dira tsa hae,
ho loka ha hae ha mo tshehetsa.
17Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae,
hloohong a rwala
katiba ya tshepe ya pholoho;
a apara diaparo tsa boiphetetso,
tjheseho ya eba yona kobo ya hae.
18O tla ba putsa
ho ya ka diketso tsa bona,
a halefele dira tsa hae
a be a di otle,
ba dihlekehlekeng
a ba nee moputso wa bona.
19Bitso la Morena le tla tshajwa,
le tshajwe ho tloha bophirimela,
tlotla ya hae e tshajwe,
e tshajwe ho tloha botjhabela.
Ha sera se futuha jwaloka sekgohola,
Moya wa Morena
o tla se lelekela hole.
20“Mopholosi o tla tla Sione,
a tle ho ba Jakobo
ba bakelang dibe tsa bona,”
ho rialo Morena.
21“Ha e le nna,” ho rialo Morena, “selekane sa ka le bona ke sena: Moya wa ka o leng ho wena, le dipolelo tsa ka tseo ke itseng o di bue, di ke ke tsa fela molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya ditloholo tsa hao ho tloha jwale le kamehla yohle,” ho rialo Morena.

Currently Selected:

ESAYA 59: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy