YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 58

58
Ho itima dijo ha sebele
1“Howeletsa haholo,
o se ke wa kgaotsa;
howa haholo
jwalokaha ho letswa lenaka.
Bolella setjhaba sa ka
ditshito tsa sona,
ntlo ya Jakobo
o e bolelle dibe tsa yona.
2Ka letsatsi le letsatsi
ba ntse ba mpatla,
ba labalabela
ho tseba ditsela tsa ka,
jwalokaha eka ke setjhaba
se etsang tse lokileng,
se sa furallang
melao ya Modimo wa sona.
Ba nkopa ho ba bolella
melao e lokileng,
ba re ba tjhesehela
ho ikatametsa ho Modimo.
3Ba re: ‘Ke hobaneng
ha re itimme dijo,
empa wena o sa ka wa bona?
Ke hobaneng
ha re itlhokofaditse,
empa wena o sa ka wa natsa hoo?’
“Ka tsatsi la ho itima dijo,
lona le phetha merero ya lona,
le sebedisa
basebetsi ba lona ka thata.
4Ho itima dijo ha lona
ho baka dikgang le diqabang,
ho bake le ho tlantlana,
ho tlantlana ka ditebele.
Na ho itima dijo ka mokgwa o tjee
ho ka etsa hore thapelo tsa lona
di mamelehe?
5Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo,
na ke mokgwa oo ke o kgethileng,
wa hore motho a itlhokofatse
ka tsatsi le le leng?
Wa hore a kebise hlooho
jwaloka letsepa la lehlaka,
a ipitike hodima tse mahwashe,
a be a itshelake ka molora?
Na oo ke wona mokgwa
wa ho itima dijo?
Na tsatsi le tjee
le ka amoheleha ho Morena?
6“Mokgwa wa ho itima dijo
oo ke o kgethileng ke ona:
Ke hore o lokolle
mahlaahlela a bokgopo,
o imolle ba imetsweng
ke mejaro ya bona,
ba hateletsweng o ba lokolle,
mesebetsi yohle ya botlatlapi
o e fedise.
7Ke hore o abelane dijo
le ba lapileng,
o amohele baleleri lapeng la hao,
ba hlobotseng o ba fe diaparo,
bang ka wena o ba thuse.
8“Jwale sedi la hao le tla hlaha,
le hlahe jwaloka mafube a meso,
ho fola ha hao le hona ho akofe,
ho loka ha hao ho tla o etella pele,
tlotla ya Morena
e sireletse serao sa hao.
9Etlare ha o ipiletsa,
Morena a o arabe,
ere ha o kopa thuso,
yena a re: ‘Ke nna enwa.’
“Haeba o fedisa
diketso tsa botlatlapi,
tsa ho supana ka menwana
le ho buisana hampe;
10ha o ka ikitlaeletsa
ho fepa ba lapileng,
wa thoba meya
ya ba tshwenyehileng,
fifi le tla apoha,
sedi la hao le kganye,
bosiu ba hao
bo ke motsheare wa lengeta.
11Morena o tla o tataisa kamehla,
a o fe tseo o di hlokang
leha naha e omeletse,
a matlafatse ditho tsa mmele wa hao.
O tla tshwana le serapa
se nwesetswang hantle,
o ke sediba
seo mohlodi wa sona o sa psheng.
12Bara ba hao ba tla tsosa
thako tsa hao tsa kgale,
o hahe hodima metheo
ya baholoholo ba hao.
Wena o tla bitswa Motsosi
wa marako a helehileng,
o bitswe Molokisi
wa ditsela le matlo.”
Moputso wa ho hlompha Sabatha
13“Haeba o sa nke maeto
ka tsatsi la Sabatha,
o sa phethe merero ya hao
ka tsatsi la ka le halalelang;
haeba o bitsa Sabatha
letsatsi la thabo,
o re ke la Morena le halalelang,
le hlomphehang;
haeba o le hlompha
ka ho se etse mesebetsi ya hao,
o sa phethe merero ya hao,
o sa bue mafeela;
14ke hona o tla thabela Morena,
a etse hore lefatshe lohle
le o hlomphe,
o je lefa
la ntataomoholo Jakobo.”
Ke Morena ya buileng jwalo.

Currently Selected:

ESAYA 58: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy