YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 56

56
Ditjhaba tsohle e tla ba tsa Modimo
1Morena o bua tjena:
“Ahlolang ka toka,
le etse ho nepahetseng,
hobane ho pholosa ha ka
ho se ho le haufi,
le ho loka ha ka
ho se ho tla senolwa.
2Ho lehlohonolo motho
ya etsang tsena,
ho lehlohonolo motho
ya di kgomarelang,
ya bolokang Sabatha,
ya sa se silafetseng,
eo tsoho la hae
le sa etseng tse mpe.
3“Se dumelle moditjhaba
ya ikabetseng Morena hore a re:
‘Morena o tla nkgetholla
tjhabeng sa hae ho hang!’
Se dumelle lehaole
ho ipelaetsa, le re:
‘Nna ke sefate se omeletseng!’ ”
4Morena o bua tjena ho mahaole:
“Mahaole a bolokang
Disabatha tsa ka,
a ikgethelang tse nthabisang,
a kgomarelang selekane sa ka,
5kahara tempele ya ka,
kahara marako a yona,
ke tla a etsetsa kgopotso,
ke a ree lebitso, bitso le fetang
la ba nang le bara le baradi,
ke tla a rea lebitso la kamehla yohle,
bitso le ke keng la hlola le fediswa.
6“Haele baditjhaba
ba ikabetseng Morena,
ba ikabetseng ho mo sebeletsa,
le hona ho rata bitso la hae,
bao e leng bahlanka ba hae,
ba bolokang Sabatha,
ba se boloka ba sa se silafatse,
ba kgomaretseng selekane sa ka;
7bona ke tla ba tlisa
thabeng ya ka e halalelang,
ke ba thabise
ka tlung ya ka ya thapelo.
Nyehelo tsa bona tsa setjheso
le mahlabelo a bona,
tsena ke tla di amohela
aletareng ya ka,
hobane ntlo ya ka
e tla bitswa ntlo ya thapelo,
e bitswe ntlo ya thapelo
ya ditjhaba tsohle.”
8Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena:
“Ke sa tla boela
ke mo kgutlisetsa ba bang,
ntle ho bao
ke seng ke ba kgutlisitse.”
Ho nyatswa baetapele ba Iseraele
9“Lona batana tsohle tsa naha
tloong, le harole,
lona dibatana tsohle tsa meru.
10Balebedi ba Iseraele ba foufetse,
ha ba na tsebo,
ke ntja tsa dimumu,
ha di tsebe ho bohola,
di a robala, di bothe,
di ithatela boroko.
11Ke ntja tsa menyollo,
ha di ke be di kgore,
ke badisana ba se nang kutlwisiso,
motho ka mong
o ikela ka tsela ya hae,
motho ka mong
o ipatlela mouno
moo o ka bang teng.
12Motho ka mong o re:
‘Tloong kwano, ke tla lata veine!
A re itlopeng jwala,
re be re bo shebe feela!
La hosasane
le tla nne le ke la kajeno,
mohlomong le tla ba letle
ho feta lena!’ ”

Currently Selected:

ESAYA 56: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy