YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 55

55
Mohau ke mpho ya Modimo
1“Lona bohle ba nyorilweng,
tloong le nwe metsi,
le lona ba se nang tjhelete,
tloong le reke dijo, le je!
Tloong le ithekele veine,
le ithekele le lebese,
le di reke le se na tjhelete,
le sa lefe letho.
2Le senyetsang tjhelete
ka tseo e seng bohobe?
Dintho tse sa kgotsofatseng,
keng ha le di sebeletsa ka thata?
Mmameleng ka hloko,
le je tse molemo,
meya ya lona e ithabise
ka tse monate.
3“Ntshekeheleng tsebe,
mme le tle ho nna, le mmamele,
meya ya lona e tle e phele.
Ke tla etsa selekane
sa kamehla le lona,
e leng mehauhelo
eo ke neng ke e tshepise Davida.
4Bonang, ke entse Davida
paki ya ka ho ditjhaba,
ka mo etsa moetapele
le molaodi wa ditjhaba.
5Ruri le tla bitsa
tjhaba tseo le sa di tsebeng,
tjhaba tse sa le tsebeng
di tla mathela ho lona
ka baka la Morena
Modimo wa lona,
yena Ya Halalelang wa Iseraele,
hobane o le tlotlisitse.
6“Batlang Morena
ha a sa ntse a ka fumanwa,
ipiletseng ho yena a sa le haufi;
7ya kgopo
a furalle ditsela tsa hae,
molotsana
a furalle mehopolo ya hae,
a sokolohele ho Morena wa hae,
mme Morena o tla mo hauhela;
a sokolohele ho Modimo wa rona,
hobane yena o tshwarela haholo.
8Mehopolo ya ka
hase mehopolo ya lona,
tsela tsa lona
hase tsela tsa ka,”
ho rialo Morena.
9“Jwalokaha lehodimo
le phahametse lefatshe,
tsela tsa ka le tsona
di phahametse tsa lona,
le mehopolo ya ka
e phahametse ya lona.
10“Jwalokaha pula le lehlwa
di etswa lehodimong,
mme di sa kgutlele teng
di sa kolobisa lefatshe,
hore le medise dimela di tle di atlehe,
di hlahisetse mojadi peo,
batho ba fumane dijo;
11le dipolelo
tseo ke di buang di jwalo,
di ke ke tsa kgutlela ho nna
di sa sebetsa letho,
empa di tla phethahatsa
seo ke se ratang,
di phethe merero
eo ke di rometseng ho e phetha.
12Le tla tloha ka thabo,
kgotso e le eteletse pele,
dithaba le maralla
di bine le di tadimile,
fate tsohle tsa naha
di le opele mahofi.
13Moo ho metseng leoka
ho tla mela modutu,
moo ho metseng hlabahlabane
ebe ho mela mohlakola.
Tsena ke tsona
tse tla tumisa Morena,
e be pontsho ya kamehla yohle,
e ke keng ya fediswa.”

Currently Selected:

ESAYA 55: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy