YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 49

49
Iseraele, lesedi la ditjhaba
1“Lona dihlekehleke,
mmameleng!
Lona tjhaba tse hole,
utlwang tsena!
Morena o mpitsitse
ke sa le popelong,
mohla ke tswalwang
a mpitsa ka bitso la ka.
2O entse molomo wa ka
seka sabole e bohale,
a mpata moriting wa atla sa hae;
a nketsa motsu o leoditsweng,
a mpata ka sehlajweng sa hae.
3Yaba o re ho nna:
‘Wena Iseraele, o mohlanka wa ka,
ke ka wena ke tlang ho tlotliswa.’ ”
4Yaba nna ke re:
“Ke sebeleditse lelea,
ka fufulellwa ntata selala.
Empa se ntshwanelang
se ka atleng sa Morena,
moputso wa ka
o ho Modimo wa ka.”
5Morena ya nkgethetseng
ho ba mohlanka wa hae,
a nkgetha ke sa le popelong ya mme,
hore ke kgutlisetse Jakobo ho yena,
ke bokelle tjhaba sa hae sa Iseraele,
hobane mahlong a hae ke a tlotleha,
ke Modimo wa ka,
ke yena matla a ka.
6Jwale Morena o re:
“Ke nthwana e fokolang
hore o be mohlanka wa ka,
o kgutlise merabe ya Jakobo,
o kgutlise bana ba Iseraele
bao ke ba babaletseng.
Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba,
o tlo fihlise ho pholosa ha ka
pheletsong tsa lefatshe.”
7Morena, Molopolli wa Iseraele,
yena Ya Halalelang,
o bua tjena ho mohlanka wa babusi,
ho ya ileng a nyediswa,
a nyonywa ke ditjhaba:
“Kgosi di tla o bona,
di eme ka maoto,
mahosana le wona a tla o obamela,
ka baka la Morena,
yena ya tshepahalang,
Ya Halalelang wa Iseraele,
ya o kgethileng.”
Jerusalema e hahwa botjha
8Morena o bua tjena:
“Ka nako ya mohau
ke ile ka o araba,
ka tsatsi la ho pholoswa
ke ile ka o thusa;
ka o boloka hore ka wena
ke etse selekane le ditjhaba,
hore ho tle ho kgutliswe naha,
ho ajwe lefa la yona le senyehileng.
9Ho batshwaruwa o tle o re:
‘Tswang!’
Ho ba lefifing o re:
‘Tswelang leseding!’
Ba tla fula kathoko ho ditsela,
ba fule jwaloka dinku,
makgulo a bona
a be maralleng wohle.
10Ha ba ka ke ba lapa
kapa ba nyorwa,
kapa ba tjheswa ke motjheso
wa tsatsi la lehwatata.
Ya ba utlwelang bohloko
o tla ba tataisa,
a ba ise pela didiba tse kollang.
11“Thabeng tsohle tsa ka
ke tla etsa ditsela,
mmila ya ka e katwe
e tle e phahame.
12Bonang! Ba tla tla ba etswa hole,
ba bang leboya,
ba bang bophirimela,
ba bang ba etswa
naheng ya Sinime.”
13Lona mahodimo binang ka thabo,
wena lefatshe nyakalla,
lona dithaba binang ka nyakallo!
Morena o tshedisa setjhaba sa hae,
o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.
14Empa Sione o itse:
“Morena o mphuraletse!
Morena wa ka o ntebetse!”
15“Na mosadi a ka lebala lesea
leo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
16Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.
17“Ba tla tsosa marako a hao,
ba tla kgutla ba potlakile,
ba o hataketseng, ba o ripitla,
bona ba o balehe.
18Phahamisa mahlo a hao,
o thalatse kahohle;
tjhaba sa hao se a phutheha,
se tla ho wena.
Ke hlapanya ka bitso la ka,”
ho rialo Morena,
“ho wena
ba tla tshwana le mekgabiso,
o ikgabise ka bona
jwaloka monyaduwa.
19“O fetohile lesupi, o hloka baahi,
le naha ya hao e senyehile,
e ke ke ya hlola e lekana,
e lekana tjhaba sa hao,
le hoja ba neng ba o ripitle
ba tla be ba le hole.
20Bana bao o ba tswetseng
nakong ya bofifi ba hao,
ba tla bua
moo o ntseng o utlwa, ba re:
‘Baka sena se senyenyane,
ha se re lekane,
re ekeletse naha re tsebe ho haha.’
21Jwale ka pelong ya hao o tla re:
‘Bana baa ke ba tswaletswe ke mang?
Ke ne ke shwelwe ke bana,
ka ba jwaloka nyopa,
ka thopuwa,
ka iswa kwana le kwana.
Bana baa ba hodisitswe ke mang?
Ke ne ke setse ke le mong feela,
empa jwale baa bona ba tswa kae?’ ”
22Morena Modimo o bua tjena:
“Bona! ke tla hwehla baditjhaba,
ke ba hwehle ka letsoho,
ke phahamisetse ditjhaba
mokgele wa ka;
di tla kgutlisa bara ba hao
di ba sikile,
di kgutlise baradi ba hao
di ba pepile.
23Dikgosi e tla ba bahodisi ba hao,
kgosatsana tsa tsona
e be baanyesi ba hao.
Di tla o obamela
fahleho di tadimile fatshe,
di be di nyeke lerole
le maotong a hao.
Ke moo o tla tseba
hore Morena ke nna,
hobane ba ntshepileng
ba ke ke ba hlajwa ke dihlong.”
24Na mohale a ka amohuwa
kgapo ya hae,
kapa mothopuwa a lopollwa
ho motlatlapi wa hae?
25Empa Morena o bua tjena:
“E, bahale ba tla amohuwa
bathopuwa ba bona,
le ba sehloho ba amohuwe
kgapo ya bona,
Ba lwantshanang le wena
ke tla ba lwantsha,
bana ba hao ke ba lopolle.
26Bahatelli ba hao
ke tla ba fepa nama ya bona,
ba tahwe ke madi a bona
sa veine e ntjha.
Batho bohle ba tla tseba
hore nna Morena,
ke Mopholosi wa hao
le Molopolli wa hao,
yena Ya Matla wa Jakobo.”

Currently Selected:

ESAYA 49: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy