YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 42

42
Mohlanka wa Morena
1“Bonang, Mohlanka wa ka
eo ke mo kgethileng, ke eo,
mokgethwa wa ka ya nkgahlang;
ke theoletse Moya wa ka,
ka o theolela hodima hae,
o tla tlisetsa ditjhaba toka.
2Ha a ka ke a howeletsa
kapa a phahamisa lentswe,
kapa a peroha hara diterata.
3Ha a ka ke a roba
lehlaka le tenyetsehile,
ha a ka ke a tima lebone,
a le tima le taitsa.
O tla ahlola bohle ka botshepehi.
4Ha a ka ke a thekesela
kapa a nyahama pelo,
ho fihlela a tsitsisa toka lefatsheng.
Dihlekehleke di tla itshepela molao,
di itshepele molao wa hae.”
5Morena Modimo o bua tjena,
yena ya bopileng mahodimo
a ba a a ala,
ya phutholotseng lefatshe
le tsohle tse ho lona,
ya neang baahi ba lona
moya o ba phedisang,
le bophelo ho bohle
ba phelang ho lona:
6“Nna Morena, ke o bitsitse
hobane ke lokile;
ke tla o utlwa ka letsoho,
ke o boloke,
ka wena
ke etse selekane le baditjhaba,
ka wena
ke tlisetse baditjhaba lesedi.
7O tla tutubolla mahlo a difofu,
o lokolle batshwaruwa,
o ba lokolle ditjhankaneng,
o lokolle ba dutseng
lefifing la tjhankana.
8“Ke nna Morena,
lena ke lona lebitso la ka!
Nke ke be ka nea e mong
tlotla ya ka,
kapa medimo ya bohata
tlotliso ya ka.
9Bonang, tsa pele di se di fetile,
jwale ke le bolella tse ntjha;
ke le phatlalletsa tsona
di eso etsahale.”
Sefela sa tlotliso
10Binelang Morena sefela se setjha,
mo tlotliseng
ho tloha pheletsong tsa lefatshe,
lona ba sesisang dikepe lewatleng,
le dibopuwa tsohle
tse phelang lewatleng,
lona dihlekehleke,
le bohle ba phelang ho tsona.
11Lehwatata le metse ya lona
le ke le howe,
metsana ya Bakedare e nyakalle.
Baahi ba Sela ba bine ka thabo,
ba howe
ba le ditlhorong tsa dithaba.
12Ba ke ba tlotlise Morena,
ba phatlalatse
thoriso ya hae dihlekehlekeng.
13Morena o tla futuha
jwaloka mohale ya matla,
jwaloka mohlabani
o tla tsosa tjheseho ya hae;
o tla howa,
a hlabe mokgosi wa ntwa,
dira tsa hae le tsona a di ripitle.
Morena o tshepisa ho thusa tjhaba sa hae
14“Ke kgale ke kgutsitse,
ke thotse, ke itshwere,
empa jwaloka mosadi
ya bohlokong ba pelehi
ke tla howeletsa ke bipetsane,
ke fehelwa.
15Ke tla thua dithaba le maralla,
ke omeletse dimela tsohle,
dimela tsohle tse ho wona;
dinoka ke tla di fetola,
ke di fetole dihlekehleke,
matsha le wona ke a pshese.
16Ke tla tsamaisa difofu
ka tsela eo di sa e tsebeng,
ke di tataise
tseleng eo di sa e tlwaelang;
lefifi ke tla le fetola lesedi
kapele ho tsona,
ke batalatse baka tse makukuno.
Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa,
mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.
17Empa ba tshepang
medimo ya bohata,
ba reng ho yona:
‘Le medimo ya rona,’
ba tla kgutliswa
ba hlabilwe ke dihlong.”
Iseraele o sitwa ho ithuta
18“Mamelang, lona bo-tsebetutu!
Tadimang le bone, lona difofu!
19Sefofu ke mang
haese mohlanka wa ka,
kapa ya tsebetutu
jwaloka moromuwa wa ka?
Ke mang ya foufetseng
jwaloka ya ikabetseng nna,
ya foufetseng
jwaloka mohlanka wa Morena?
20O bone ntho tse ngata,
empa ha o di ele hloko;
tsebe tsa hao di lethwethwe,
empa ha o utlwe letho.”
21Ho kgahlile Morena
ka baka la ho loka ha hae,
hore Molao wa hae o be moholo,
o tlotlehe.
22Empa tjhaba sena se senyeditswe,
sa utswetswa,
batho bohle ba wetse ka mameneng,
ba patilwe ditjhankaneng;
batho bohle ba fetohile lelobelo,
ha ho le ya mong ya ba pholosang,
ba senyeditswe,
ha ho ya reng: “Ba buseletseng!”
23Ke mang wa lona
ya tla mamela tsee,
eo ho tloha jwale
a tla di sekehela tsebe?
24Ya neelaneng ka Jakobo
hore e be lelobelo ke mang?
Ya neelaneng ka Iseraele
ho basenyi ba hae ke mang?
Na hase Morena
eo re mo sitetsweng?
Ha ba a ka ba rata
ho tsamaya ka tsela tsa hae,
ha ba a ka ba rata
ho mamela Molao wa hae.
25Kahoo o hlatsitse kgalefo ya hae,
a e hlatsetsa hodima bona,
a hlatsa le bohale ba ntwa,
a bo hlatsetsa hodima bona.
Kgalefo ya ba aparela
ka malakabe,
empa ba se ke ba utlwisisa letho,
ya ba tlabola,
empa ba se ke ba e natsa.

Currently Selected:

ESAYA 42: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy