YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 41

41
Modimo o tshepisa ho thusa Iseraele
1“Lona dihlekehleke
kgutsang kapele ho nna!
Ditjhaba a di ke di imatlafatse!
A di ke di atamele di bue,
re kopaneng mmoho
tulong sa kahlolo.
2“Ya tswang botjhabela
o ila tliswa ke mang,
yena ya hlolang hohle
moo a yang teng?
Ya mo neileng matla
a ho hlola ditjhaba ke mang,
hore a hatakele dikgosi
tse mo emang kapele?
O di fekefa ka sabole,
a di fetole lerole,
ka seqha sa hae
a di fefole sa mmoko!
3O a di phaladisa,
a tswe a se na mongwapo,
a potlake hoo
ekang le mobu ha sa o hata!
4Ya entseng hore tsee di etsahale
ke mang?
ya bitsitseng meloko
ho tloha tshimolohong
ke mang?
Ke nna Morena,
ebile ke nna wa ho qala,
ke nna Morena
ya tla ba le ba ho qetela.”
5Ba dihlekehlekeng ba ile ba bona,
mme ba kenwa ke tshabo,
ba pheletsong tsa lefatshe
bona ba thothomela,
yaba ba a tla, ba atamelana,
6motho ka mong
o thusana le mohahabo,
motho ka mong
o re ho ngwanabo: “Matlafala!”
7Kahoo sebetli
se kgothatsa lelala la kgauta,
ya photlang ka noto
o kgothatsa sefuthi,
o re ho sona: “E kopane hantle!”
O kgokgothela modimo wa bohata
ka dipekere, e le hore o tiye,
o se ke wa ketoha.
8“Empa wena Iseraele,
o leng mohlanka wa ka,
wena Jakobo,
eo ke mo kgethileng,
wena tloholo sa Aborahama,
motswalle wa ka,
9ke o latile pheletsong tsa lefatshe,
ka o bitsa
o le qoleng tse hole tsa lona,
ka re ho wena:
‘O mohlanka wa ka,’
ke ikgethetse wena,
ha kea o lahla.
10O se ke wa tshaba,
hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka.
11“Batho bohle ba o halefelang
ba tla tlontloloha,
ba aparelwe ke dihlong;
batho bohle
ba lwantshanang le wena
ba tla fetoha lefeela,
ba be ba timele.
12Leha o ka tsoma dira tsa hao,
ha o ka ke wa ba wa di fumana.
Batho ba o futuhelang ka ntwa
ba tla tshwana le lefeelafeelane,
13hoba ke nna Morena,
Morena Modimo wa hao,
ya utlang tsoho la hao le letona,
ya reng: ‘Se tshabe,
nna ke tla o thusa.’
14“O se ke wa tshaba,
wena Jakobo, sebokonyana,
wena Iseraele wa motwantwanyane;
ke nna ya tla o thusa,”
ho rialo Morena,
Molopolli wa hao,
Ya Halalelang wa Iseraele.
15“Bona, ke tla o etsa selei
se phophothang, se setjha,
se nang le meno e ntjhotjho.
O tla thua dithaba,
o di phophothe,
maralla wona o a sile, a ke mmoko;
16tsena o tla di olosa,
moya o di fefole,
sefefo se matla se di hasanye.
Thabo ya hao e tla ba ho Morena,
tlotla ya hao
e be Ya Halalelang wa Iseraele.
17“Mafutsana le bahloki
ba batla metsi,
empa metsi ha ba a fumane,
maleme a bona
a omeletse ke lenyora.
Empa nna Morena, ke tla ba araba,
nna Modimo wa Iseraele,
nke ke ka ba furalla.
18Ke tla phunya mehlodi ya dinoka,
ke e phunye
tutudung tsa lehlabathe,
kahara dikgohlo didiba di phorosele.
Lehwatata ke tla le fetola
le tlale matsha,
naha e omeletseng
e runyarunye didiba.
19Ke tla medisa
fate tsa dikedare lehwatateng,
ke medise mositsane,
mohlakola le mohlwaare;
matswatlareng ke tla medisa
fate tsa modutu,
di mele hammoho
le tsa phaene le kiperese.
20Batho ba tla bona tsena
ba be ba tsebe,
ba hlokomele, ba be ba utlwisise:
Morena o entse tsena
ka letsoho la hae,
Ya Halalelang wa Iseraele
o di hlodile.”
Morena o nyatsa medimo ya bohata
21“Ritelang nyewe ya lona,
lona medingwana,”
ho rialo Morena.
“Bolelang mabaka a lona,”
ho rialo Kgosi ya Jakobo.
22“Atamelang, le ke le bolele,
le re bolelle tse tla etsahala.
Re bolelleng
hore na tsa kgalekgale ke dife,
e le hore re tle re di nahane,
re be re tsebe
le pheletso ya tsona;
kapa le re bolelle
tse tla etsahala.
23Re tsebiseng
tseo e leng hona di tla tla,
re tle re tsebe
hore efela le le medimo.
Etsang tse ntle
kapa le etse tse kgopo,
re tle re bone,
ebe re tlalwa ke tshabo.
24Bonang, ho hang lona ha le letho,
mesebetsi ya lona
ke mafeelafeelane;
ya ikgethelang lona ke manyala!
25“Ke tsositse e mong leboya,
mme ke enwa o a tla,
ya tswang botjhabela
o tla ipiletsa ho nna.
O hatakela babusi
jwaloka hoja e le seretse,
jwaloka sebopi se kgoba letsopa.
26Ya boletseng tsee tshimolohong
ke mang re tle re tsebe?
Kapa a di bolela pele,
re tle re re o ne a nepe?
Ha ho ya kila di bolela,
ha ho ya kila di senola,
polelo tsa hae
ha ho ya kila di utlwa!
27Ke nna wa pele
ya boleletseng Sione:
‘Bona, ako ba bone ke bao!’
Ka roma leqosa Jerusalema
ho isa molaetsa o molemo.
28Ha ke tadima medingwana
ha ke bone motho,
kahara yona ha ho moeletsi,
ha ho ya nkarabang ha ke e botsa.
29Bonang, medingwana eo
ke ya bohata!
Mesebetsi ya yona ke ya lefeela,
medingwana ya bona
ke lefeela le kang moya!”

Currently Selected:

ESAYA 41: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy