YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 40

40
Tjhaba sa Modimo se a tshediswa
1“Tshedisang setjhaba sa ka,
se tshediseng,”
ho rialo Morena.
2Kgothatsang Jerusalema ka lerato,
e bolelleng:
Bokgoba ba yona bo fedile,
sebe sa yona se tshwaretswe,
Morena o e otletse sona haholo.
3Lentswe la ya howang, le re:
“Lokisang mmila wa Morena,
le o lokise felleng,
le otlollele Modimo wa rona
mmila lehwatateng.
4Dikgohlo tsohle di tla katwa,
dithaba le maralla di bothalatswe,
le tsona ditutudu di bothalatswe,
baka tse makukuno di batalatswe.
5Tlotla ya Morena e tla bonahatswa,
batho bohle
ba tla e boha ba le mmoho,
hoba Morena o boletse jwalo.”
6Lentswe le ile la re: “Howa!”
Yaba nna ke re:
“Ke tla howa ke reng?”
Ere:
“Batho bohle ba jwaloka jwang,
tlotla ya bona
e ka ya palesa tsa naha.
7Jwang bo a pona,
palesa di foforehe,
ha moya wa Morena
o fokela ho tsona.
Ruri batho ba jwaloka jwang.
8Jwang bo a pona,
palesa di foforehe,
empa ntswe la Modimo wa rona
le hlola kamehla.”
9Wena Sione,
ya tlisang molaetsa o molemo,
nyolohela thabeng e phahameng.
Wena Jerusalema,
ya tlisang molaetsa o molemo,
howeletsa haholo o se na tshabo.
Bolella metse ya Juda, o re:
“Bonang,
Modimo wa lona ke enwa!”
10Bonang, Morena Modimo
o tla e le Ya Matla,
o tla busa ka letsoho la hae.
Bonang, o tla le moputso wa hae,
phetetso ya hae e mo eteletse pele.
11O katla mohlape wa hae
jwaloka modisa,
dikonyana o di sika
ka matsoho a hae,
a di sikele sefubeng sa hae,
ditswetse tsona a di kganne hantle.
Ha ho Modimo ya kang wa Iseraele
12Ya kila metha metsi a lewatle
ke mang,
a a metha ka seatla sa hae?
Ya kila seha moedi wa mahodimo
ke mang,
a o seha ka seatla sa hae?
Ya kila kga role la lefatshe
ka sethoto ke mang?
Ya kila bea dithaba le maralla,
a di bea sekaleng, ke mang?
13Ya kila ruta Moya wa Morena
ke mang?
Ya kila mo ruta
e le moeletsi wa hae ke mang?
14Morena o kopile mang
hore a mo eletse?
Ho ahlola ka toka
a ho rutwa ke mang?
Tsebo yona a e rutwa ke mang?
Tsela ya kutlwisiso
a e bontshwa ke mang?
15Ruri tjhaba di ka lerothodi
rothodi la metsi ka nkgong,
di ka lerolenyana
ha le le sekaleng;
ho yena boima ba dihlekehleke
bo ka lerolenyana.
16Fate tsa Lebanone
ha di lekane ho besa,
ho besa mollo aletareng,
phoofolo tsa teng
ha di lekane ho etsa setjheso.
17Tjhaba tsohle ke lefeela ho yena,
o di tadima e le mafeela
a se nang thuso.
18Jwale Modimo
le ka mo lekanya le mang?
Hona le ka re o tshwana le mang?
19Setsebi se etsa setshwantsho
sa modimo wa bohata,
ebe lelala le se maneha kgauta,
le se etsetse ketane tsa silefera.
20Mofutsana ya sitwang
ho etsa nyehelo e jwalo,
o kgetha sefate
se ke keng sa ba sa bola;
a batle setsebihadi sa mohlalefi
ho mo etsetsa setshwantsho
sa modimo wa bohata,
se ke keng sa wa.
21Na ha le tsebe,
kapa ha le eso utlwe?
Ha le a ka la tsebiswa
ho tloha tshimolohong?
Ha le eso utlwisise
haesale lefatshe le thewa?
22Modimo o dutse teroneng
kahodima lefatshe,
baahi ba lona
ba tshwana le mehlwanyane.
Mahodimo o a sarolotse
jwalokaha eka ke lesira,
a a ala sa tente
eo ho phelwang ho yona.
23Mahosana o a etsa mafeelafeelane,
babusi ba fatshe lena
a ba fetole lefeela.
24Ba jwaloka sethopo
se qetang ho hlongwa,
seo metso ya sona e eso ka e tiya;
ha moya wa Modimo o foka
se ye se pone,
setsokotsane se se fefole
jwalokaha eka ke mmoko.
25“Jwale le ka ntekanya le mang?
La re thaka ka yena ke mang?”
ho rialo Ya Halalelang.
26Lelalang, le tadime mahodimo:
Tseo le di bonang
di bopilwe ke mang?
Ke ya balang naledi tsa lehodimo
a di bale ka bomong,
lebotho ka leng
a le bitse ka lebitso la lona?
Ka baka la matla a hae a maholo,
le ka baka la bonatla ba hae,
ha ho le le leng le lahlehang.
27Wena Jakobo, o leng Iseraele,
ke hobaneng ha o bua, o re:
“Metsamao ya ka
Morena ha a e tsebe,
Modimo wa ka
ha a natse tokelo ya ka?”
28Na ha le tsebe,
kapa ha le eso utlwe?
Morena ke Modimo
wa kamehla yohle,
ke yena Mmopi wa lefatshe lohle.
A ke ke a kgathala kapa a tepella,
mehopolo ya hae
e ke ke be ya fihlelwa.
29O matlafatsa ba tepeletseng,
ba kgathetseng
o ba tsosa molota.
30Batjha ba a kgathala,
mme ba tepelle,
bahlankana ba kgothometsehe,
ba be ba we;
31empa ba tshepileng Morena
ba tla tsoha molota,
ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
ba tla matha,
empa ba ke ke ba kgathala,
ba tsamaye,
ba se ke ba fellwa ke matla.

Currently Selected:

ESAYA 40: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy