YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 36

36
Baasiria ba sokela baahi ba Jerusalema
(2 Dikg. 18:13-27; 2 Dik. 32:1-19)
1Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda e neng e haheleditswe, mme a e hapa. 2Jwale kgosi ya Asiria ya romela molaodi wa yona e moholo wa ntwa, le lebotho le leholo le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya a le Jerusalema. Eitse ha molaodi wa ntwa a fihla a emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pele mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela, 3yaba Eleakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba a mo kgahlanyetsa.
4Molaodi wa ntwa a re ho bona: “Bolellang Hesekiya, le re ho yena: ‘Kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria, e bua tjena, e re: Ntshepedi ya ntshepe eo o nang le yona kgotodiyeng ke efe? 5O re o na le boeletsi le bonatla ntweng, empa polelo ena ke ya molomo feela. Ebe o tshepile mang ha o mphetohetse tjee? 6Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng. 7Empa haeba o re ho nna: “Re tshepile Morena Modimo wa rona,” na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ba Jerusalema: “Le tla rapella kapele ho aletare ee?”
8“ ‘Ka baka leo, ke o tswela kgomo: Etsa ditumellano le monga ka, kgosi ya Asiria, mme ke tla o nea dipere tse dikete tse pedi, haeba o na le ba ka di palamang. 9Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka? 10Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: “Futuhela naha ena o e timetse!” ’ ”
11Jwale bo-Eleakime le Shebena le Jowa ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.”
12Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.”
13Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria! 14Kgosi e bua tjena: Le se ke la thetswa ke Hesekiya, hobane a ke ke a le pholosa. 15Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: ‘Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria.’
16“Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: ‘Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae, 17ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara.
18“ ‘Le se ke la kgeloswa ke Hesekiya ha a re: “Morena o tla re namolela.” Hara medimo ya ditjhaba tsee, na o teng o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a kgosi ya Asiria? 19E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime? Na e namoletse Samaria matsohong a ka? 20Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?’ ”
21Empa setjhaba sa kgutsa tu! sa se ke sa mo araba, hobane taelo ya kgosi e ne e itse: “Le se ke la mo araba!”
22Jwale bo-Eleakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesekiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa.

Currently Selected:

ESAYA 36: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy