YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 34

34
Modimo o tla ahlola dira tsa hae
1Lona ditjhaba tsohle
atamelang, le mamele,
lona merabe sekehang tsebe!
Lefatshe le tsohle tse ho lona,
le tsohle tse tswang ho lona,
le ke le mamele!
2Morena o halefetse ditjhaba tsohle,
kgalefo ya hae
e hodima mabotho wohle a tsona;
o di timeditse kaofela ha tsona,
o neelane ka tsona hore di bolawe.
3Ba bolailweng
ba tla lahlelwa kantle,
topong tsa bona
ho tswe bodu se nkgang phu!
Thaba di be di thelle,
di thelle ke madi a bona.
4Naledi tsohle tsa lehodimo
di tla nyamela,
mahodimo a phuthwe
sa ha ho phuthuwa lengolo;
naledi tsohle di tla wela fatshe,
di we sa mahaba a morara,
sa mahaba a omeletse,
sa feiye ha e hlohloreha sefateng.
5Sabole ya Morena
e tswa lehodimong,
bonang ke eo e theoha
ho ahlola Edomo,
tjhaba seo a rerileng
ho se timetsa.
6Sabole ya Morena
e kganathetse madi,
mafura e a jele
sa mpana-phatloha;
e kganathetse madi
a dikonyana le a dipodi,
e kganathetse mafura
a diphiyo tsa dipheleu.
Morena o tla etsa sehlabelo,
a se etse a le Bosera,
Baedomo a ba bolaye,
a ba etse mofela.
7Dinare di tla bolawa,
di bolawe mmoho le bona,
ho bolawe le dipohwana
le poho tsa diqhashola.
Naha ya bona
e tla ba qhafutso ya madi,
mobu wa bona
o tshwetshwethe mafura.
8Morena o kgethile letsatsi
la ho phetetsa,
le selemo sa ho lefeletsa Sione.
9Metsi a noka tsa Edomo
a tla fetoha boka,
mobu wa yona o fetohe sebabole,
naha e fetohe boka
bo tukang malakabe!
10E ke ke ya tingwa
motsheare le bosiu,
mosi wa yona
o tla foqoha kamehla yohle.
Naha e tla ba nanaola
ka mengwaha yohle,
ha ho ya sa tla feta hara yona.
11Morubisi le sephookwana
di tla hahela ho yona,
makgohlo le lekgwaba
di etse dihlaha ho yona.
Modimo o tla e fetola letswatlare,
e be feela,
e hloke sebopeho jwaloka pele
pele ho tlholeho ya dintho.
12Ha ho kgosi e tla busa naha eo,
mahosana wohle a yona
a tla fetoha lefeela.
13Matlo a bokgosi
a tla mela meutlwa,
qhobosheane di melelle bobatsi
le hlabahlabane.
naha eo e tla fetoha
hae la diphokojwe,
e be moo dimpshe di phelang teng.
14Batana tsa naha
di tla kopana le makanyane,
matsa a bitsane
ka ho etsa lemeemee;
phoofolo tsa bosiu di tla itlela moo,
di itlele moo
ho batla baka sa ho phomola.
15makgohlo o tla haha sehlaha teng,
a behele a be a qhotse,
madinyane a a sireletse
ka mapheo a hae;
matlaka le wona
a tla kgobokanela moo,
le letona ka leng
le be le sethole sa lona.
16Fuputsa bukeng ya Morena,
o bale:
Ha ho le e nngwe ya tsona
e tla ba siyo,
ha ho le e nngwe ya tsona
e tla hloka molekane.
Ke molomo wa Morena
o entseng taelo,
ke Moya wa hae o tla di bokella.
17Morena o di abetse naha ka lotho,
ka tsoho la hae o di fa ka ho lekana,
di tla rua naha eo kamehla yohle,
meloko ya tsona e phele ho yona
ka ho hlahlamana.

Currently Selected:

ESAYA 34: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy