YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 33

33
Thapelo e kopang thuso
1O madimabe hakaakang,
wena motimetsi,
wena o esong ho ka o timetswa!
O madimabe hakaakang,
wena lehlabaphiyo,
wena o esong ho ka e ekwa!
Ha o qeta ho timetsa,
wena o tla timetswa,
ha o kgaotsa ho eka,
wena ba tla o eka.
2Oho, Morena, ako re hauhele,
rona ba o tshepileng!
Hoseng ho hong le ho hong
o re matlafatse,
o re pholose nakong ya ditsietsi.
3Ha tolo la hao le thwathwaretsa,
tjhaba di a baleha,
ha o phahama,
tjhaba di a phasalla.
4Lona ditjhaba,
kgapo ya lona e jelwe sa bookgolane
ha bo kumola,
banna ba e tsholohela
sa boiyane ba ditsie.
5Morena o phahame,
hobane o ahile hodimo,
o entse hore toka le ho loka
di be teng Sione.
6Morena e tla ba motheo wa nnete,
e be motheo mehleng ya lona,
e be sesiu sa pholoho
le bohlale le tsebo;
ho tshaba Morena
ke lona letlotlo la lona.
7Bonang, bahale ba a bokolla,
ba bokolla hara diterata,
maqosa a kgotso
a lla sa mmokotsane.
8Mmila e meholo e setse e le feela,
ditseleng le teng
batsamai ha ba sa bonwa,
selekane se senyehile,
metse e nyedisitswe,
ha ho sa le le ya hlomphehang.
9Naha e omeletse, e ponne,
Lebanone e swabile, e a pona,
Sharone e fetohile lehwatata,
Bashane le Karamele
di hlohloreha mahaba.
Morena o kgalema dira tsa hae
10“Jwale ke tla ema,”
ho rialo Morena;
“jwale ke tla tuma,
jwale ke tla phahama.
11Le emotse mmoko,
le tla tswala ditlhaka,
ho phefumoloha ha lona
ke mollo o tla le timetsa.
12Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka,
di tjhe jwaloka fate tsa leoka
tse remilweng.”
13Lona ba hole,
utlwang seo ke se entseng,
lona ba haufi,
ananelang matla a ka.
14Baetsadibe ba Sione
ba tshwerwe ke tshabo,
ba kgopo bona ba a thothomela:
“Ke mang ho rona ya ka phelang
mollong o timetsang?
Ke mang ho rona ya ka phelang
malakabeng a kamehla yohle?”
15Motho ya metsamao e lokileng,
ya puo di ntle,
ya hloileng ho rua ka mahahapa,
ya sa amoheleng tjotjo,
ya sa mameleng
merero ya ho bolaya,
ya thibelang mahlo a hae
hore a se bone bobe;
16ke yena ya tla phela
bakeng tse phahameng,
eo setshabelo sa hae
e tla ba qhobosheane e thabeng.
Dijo o tla di fuwa,
a ke ke a hloka metsi.
Matsatsi a tlang, a tlotlehang
17Mahlo a lona
a tla bona kgosi e kgabile,
le bone le naha e nametseng hole.
18Pelong ya hao
o tla lohotha tsietsi tsa pele:
“O kae
ya neng a bala dithelo?
O kae
ya neng a bea tjhelete sekaleng?
Se kae
sehlwela se neng se bala ditora?”
19Tjhaba seo sa baikakasi
o ke ke wa hlola o se bona,
tjhaba seo puo ya sona
e sa tsebahaleng,
tjhaba sa mahwelea,
seo puo ya sona e sa utlwahaleng.
20Tadimang Sione,
motse wa mekete e halalelang,
mahlo a lona
a tla bona Jerusalema,
leaho la kgotso,
tente e ke keng ya thakgollwa,
thakgisa tsa yona
ha di ka ke tsa kgokgothollwa,
thapo tsa yona
ha di ka ke tsa kgaoha.
21Ke moo Morena
a tla tlotleha ho rona,
e tla ba baka sa dinoka tse batsi
le melatswana.
Ha ho kepe sa masokwana
se tla feta teng,
ha ho kepe se seholo
se tla sesiswa teng.
22Morena ke yena moahlodi wa rona,
Morena ke yena
ya re beelang molao,
Morena ke yena kgosi ya rona,
Morena ke yena ya tla re pholosa.
23Thapo tsa sekepe sa hao
di hlephile,
ha di sa tiisa thupa
e tshwereng diseile,
diseile di se di sitwa
ho thathalla.
Kgapo e ngata e tla arolelanwa,
esita le dihlotsa
di tla fumana seabo.
24Ha ho moahi wa Sione ya tla re:
“Ke a kula!”
Dibe tsa baahi ba moo
di tla tshwarelwa.

Currently Selected:

ESAYA 33: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy