YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 31

31
Modimo o tla sireletsa Jerusalema
1Ho madimabe ba yang Egepeta
ho kopa thuso,
ba tshepileng dipere
le boiyane ba kariki tsa ntwa,
le bapalami ba dipere
hobane e le dinatla,
empa ba sa natse
Ya Halalelang wa Iseraele,
ba sa ipiletse ho Morena
ho batla thuso.
2Empa Morena o bohlale,
o tla tlisa koduwa,
a ke ke a fetohela
seo a ileng a se bolela;
malapa a ba kgopo
o tla a tsohela matla,
le bathusi ba ba etsang bokgopo
a ba tsohele matla.
3Baegepeta ke batho ba nama,
hase modimo,
pere tsa bona ke tsa nama,
hase tsa moya.
Ha Morena a otlolla tsoho la hae,
ya thusetsang o a kgothometseha,
ya thusetswang ebe yena o a wa,
bobedi ba bona ebe ba a timela.
4Morena o bua tjena ho nna:
“Ha tau le tawana
di puruma hodima sefifi,
leha sekgakgatha sa badisana
se ka di futuhela,
di ke ke tsa tshoswa
ke mehoo ya bona,
di ke ke tsa nyaroswa
ke lerata la bona.
Le Morena wa mabotho
o tla theoha jwalo,
ho tla lwanela Thabeng ya Sione
le leralleng la yona.
5Jwalokaha nonyana
di thathalatsa mapheo,
Morena wa mabotho
o sireletsa Jerusalema jwalo;
o tla e sireletsa a e lopolle,
a fete hodima yona a e pholose.”
6Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo. 7Ka letsatsi leo, e mong le e mong o tla furalla medimo ya hae ya bohata, ya silefera le ya kgauta, eo a iketseditseng yona ka matsoho a hae a boetsadibe.
8“Baasiria ba tla bolawa,
ba bolawe ka sabole e se ya motho,
ba timetswe ka sabole e se ya motho.
Baasiria ba tla baleha sabole,
bahlankana ba bona
ba sebediswe ka thata.
9Kgosi ya bona e tla baleha
ke ho tshaba,
balaodi ba lahle mekgele ya bona
ke ho tshoha,”
ho rialo Morena
eo mollo wa hae o leng Sione,
eo sebopi sa hae
se leng Jerusalema.

Currently Selected:

ESAYA 31: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy