YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 3

3
Jerusalema le Juda di a ahlolwa
1Bonang Morena,
Morena mabotho,
o kgatheng la ho amoha
Jerusalema le Juda,
tsohle tseo di iphedisang ka tsona,
a di amohe dijo tsohle
le metsi wohle.
2O tla di amoha
mohale le mohlabani,
moahlodi le moporofeta,
senohe le moholo wa setjhaba;
3le molaodi wa bahlabani le lehosana,
moeletsi le setsebi sa mesebetsi,
le ya hlalefetseng ho upella.
4Baokamedi ba bona
e tla ba bashanyana,
tlokotsebe tsa bana
e be babusi ba bona.
5Batho bohle ba tla hatellana,
motho ka mong a hatelle e mong,
ba ahisaneng le bona ba hatellane.
Batjha ba tla tsohela
baholo ba bona matla,
ba eisehang ba tsohele
batlotlehi matla.
6Motho o tla tshwara
e mong wa bana babo,
a mo tshware
a le lapeng labo, a re:
“O na le seaparo,
eba mmusi wa rona,
masupi ana a ke a buswe ke wena!”
7Mohlang oo eo o tla meketsa, a re:
“Ha nka ke ka ba pheko ya lona,
lapeng ha ka
ha ke na dijo le seaparo,
o ke ke wa nketsa mmusi,
mmusi wa tjhaba sena!”
8Jerusalema e kgothometsehile,
Juda yona e se e putlame fatshe;
Polelo le ketso tsa tsona
di fetohetse Morena,
di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.
9Fahleho tsa tsona di a di qosa,
di ipoletse sebe sa tsona
jwaloka Sodoma,
le ho se pata di sitwa ho se pata.
Di madimabe hakaakang!
Koduwa ena di imemetse yona!
10Tsebisa ba lokileng
hore tsohle di tla loka,
ba tla ja ditholwana
tsa mesebetsi ya bona.
11Ho madimabe ba kgopo,
hobane koduwa
e tla ba wela hodimo,
ba putswe
ho ya ka mesebetsi ya bona.
12Batjha ba hatella tjhaba sa ka,
basadi ke bona babusi ba sona;
tjhaba sa ka,
badisa ba lona ba a le kgelosa,
ba le faposa tseleng ya lona.
Morena o ahlola setjhaba sa hae
13Morena o a ema,
o bolela qoso ya hae,
o a ema, o ahlola ditjhaba.
14Morena o qosa baholo
ba tjhaba sa hae,
o qosa le babusi ba sona, o re:
“Tshimo ya ka ya morara
e lobetswe ke lona,
matlo a lona
a tletse tse amohilweng mafutsana.
15Ke ka baka lang
ha le hatakela setjhaba sa ka,
mafutsana le wona le a tlatlapa?”
ho rialo Morena, Morena mabotho.
Kgalemo ho basadi ba Jerusalema
16Morena o re:
“Basadi ba Sione ba a ikgohomosa,
ba tsamaya melala ba e thamotse,
ka mahlo a bona ba ntse ba bonya,
ba rwanyaketsa, ba hatela haufi,
maqaqailana a bona a lla masekana.
17Kahoo Morena
o tla kgophosa hlooho tsa bona,
hlooho tsa bona
a di phumole mafatla.”
18Mohla tsatsi leo,
Morena o tla ba amoha mekgabiso:
mefitshane le meqhaka
le difaha tsa molala;
19masale, dipetja le wona masira;
20le dikola, le dithoto, le dinyepa,
le dibotlolo tsa ditlolo, le dithatho;
21le masale a monwana
le masale a dinkong,
22le diaparo tse majabajaba,
le ditipe, le mekotlana;
23le diipone, le diaparo tsa lene,
le dituku, le ditjale.
24Bakeng sa monko o monate
ho tla nkga phu!
Bakeng sa senyepa e be lerapo,
bakeng sa moriri o lohilweng
ba phumohe mafatla,
bakeng sa aparo tse ntle
e be tse mahwashe,
bakeng sa fahleho tse borethe
e be tse mabadi.
25Bana ba lona
ba tla bolawa ka sabole,
e leng bona bahale ba lona ntweng.
26Menyako ya Sione e tla lla,
e bokolle,
Sione e rapalle fatshe,
e fetohe lesupi.

Currently Selected:

ESAYA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy